Joshua
23 Eitse matsatsi a mangata ka mor’a hore Jehova a fe Baiseraele phomolo+ ho lira tsohle tsa bona ka hohle, ha Joshua a tsofetse ’me a se a ile lilemong,+ 2 Joshua a bitsa Baiseraele bohle,+ banna ba bona ba baholo le lihlooho tsa bona le baahloli ba bona le balaoli ba bona,+ a re ho bona: “Ha e le ’na, ke tsofetse, ke se ke ile lilemong. 3 Ha e le lōna, le bone sohle seo Jehova Molimo oa lōna a se entseng ho lichaba tsena tsohle ka lebaka la lōna,+ hobane Jehova Molimo oa lōna ke eena ea neng a le loanela.+ 4 Bonang, ke le abetse lichaba tsena tse setseng ka lotho+ e le lefa bakeng sa meloko ea lōna, le lichaba tsohle tseo ke li felisitseng,+ ho tloha Jordane ho ea Leoatleng le Leholo bophirima-tsatsi.+ 5 Jehova Molimo oa lōna ke eena ea neng a li sutumelletsa hōle ho tloha ka pel’a lōna,+ ’me a li leleka ka lebaka la lōna, ’me la rua naha ea tsona, feela joalokaha Jehova Molimo oa lōna a ne a le tšepisitse.+
6 “Le be sebete+ haholo ho boloka le ho etsa sohle se ngotsoeng bukeng+ ea molao oa Moshe ka hore le ka mohla le se ke la e kheloha ho ea ka ho le letona kapa ho ea ka ho le letšehali,+ 7 ka hore le ka mohla le se ke la kena har’a lichaba tsena,+ tse setseng le lōna. Le se ke la bolela mabitso a melimo ea tsona+ kapa la hlapanya ka eona,+ hape le se ke la e sebeletsa kapa la e inamela.+ 8 Empa ke Jehova Molimo oa lōna eo le lokelang ho mo khomarela,+ feela joalokaha le entse ho fihlela letsatsing lena. 9 Jehova o tla leleka lichaba tse khōlō le tse matla ka pel’a lōna.+ (Ha e le lōna, ha ho motho ea emeng ka pel’a lōna ho fihlela letsatsing lena.)+ 10 Motho a le mong feela ho lōna o tla lelekisa ba sekete,+ hobane Jehova Molimo oa lōna ke eena ea le loanelang,+ feela joalokaha a le tšepisitse.+ 11 Le lule le lebetse+ meea ea lōna kamehla ka ho rata Jehova Molimo oa lōna.+
12 “Empa haeba le ka khutla ka tsela leha e le efe+ ’me la khomarela ho se setseng sa lichaba tsena,+ tse setseng le lōna, ’me la etsa lilekane tsa manyalo+ le tsona le ho kena har’a tsona, le tsona tsa kena har’a lōna, 13 ka sebele le lokela ho tseba hore Jehova Molimo oa lōna a ke ke a tsoela pele ho leleka lichaba tsena ka lebaka la lōna;+ ho lōna li tla ba joaloka sefi le joaloka leraba le joaloka chapo mahlakoreng a lōna+ le joaloka meutloa ka mahlong a lōna ho fihlela le timetse lefatšeng lena le letle leo Jehova Molimo oa lōna a le fileng lona.+
14 “Joale, bonang! kajeno ke tsamaea ka tsela ea lefatše lohle,+ ’me le tseba hantle ka lipelo tsa lōna tsohle le ka meea ea lōna eohle hore ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala. A phethahetse kaofela bakeng sa lōna. Ha ho lentsoe leha le le leng la ’ona le hlōlehileng ho phethahala.+ 15 Feela joalokaha lentsoe lohle le molemo leo Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng lona le tlile holim ’a lōna,+ Jehova o tla le tlisetsa joalo lentsoe lohle le lebe ho fihlela a le felisitse lefatšeng lena le letle leo Jehova Molimo oa lōna a le fileng lona,+ 16 ka lebaka la ho tlōla ha lōna selekane sa Jehova Molimo oa lōna seo a le laetseng sona, le hobane le tlohile ’me la sebeletsa melimo e meng le ho e inamela.+ Ka sebele bohale ba Jehova bo tla le tukela,+ ’me ka sebele le tla timela ka potlako lefatšeng le letle leo a le fileng lona.”+