Joshua
3 Joale Joshua a tsoha hoseng haholo, ’me eena le bara bohle ba Iseraele ba tloha Shitime+ ’me ba fihla Jordane; ba hlola bosiu moo pele ba ka tšela.
2 Kahoo eare bofelong ba matsatsi a mararo+ balaoli+ ba feta har’a liahelo 3 ’me ba laela batho, ba re: “Hang ha le bona areka ea selekane sa Jehova Molimo oa lōna, le baprista, Balevi, ba e jere,+ joale le tla tloha sebakeng sa lōna, ’me le lokela ho e latela, 4 —ho ke ho be le sebaka pakeng tsa lōna le eona sa hoo e ka bang litsoe tse likete tse peli ka tekanyo;+ le se ke la atamela ho eona—e le hore le ka tseba tsela eo le lokelang ho tsamaea ka eona, etsoe ha lea feta tseleng eo pele.”
5 Joale Joshua a re ho sechaba: “Ikhalaletseng,+ etsoe hosasane Jehova o tla etsa lintho tse hlollang har’a lōna.”+
6 Joale Joshua a re ho baprista: “Nkang areka ea selekane+ ’me le fete ka pel’a sechaba.” Kahoo ba nka areka ea selekane ’me ba tsamaea ka pel’a sechaba.
7 Jehova a re ho Joshua: “Letsatsing lena ke tla qala ho u etsa hore u be moholo mahlong a Baiseraele bohle,+ e le hore ba ka tseba hore ke tla ba le uena+ feela joalokaha ke bile le Moshe.+ 8 Uena—u lokela ho laela+ baprista ba jereng areka ea selekane, u re, ‘Hang ha le fihlile moeling oa metsi a Jordane, le lokela ho ema+ le sa sisinyehe ka har’a Jordane.’”
9 Joshua a re ho bara ba Iseraele: “Atamelang mona ’me le mamele mantsoe a Jehova Molimo oa lōna.” 10 Ka mor’a moo Joshua a re: “Le tla tseba ka sena hore Molimo ea phelang o har’a lōna,+ le hore ruri o tla leleka ka pel’a lōna Bakanana le Bahethe le Baheve le Bapereze le Bagirgashe le Baamore le Bajebuse.+ 11 Bonang! Areka ea selekane sa Morena oa lefatše lohle e feta ka pel’a lōna ho kena Jordane. 12 Joale inkeleng banna ba leshome le metso e ’meli melokong ea Iseraele, monna a le mong bakeng sa moloko o mong le o mong.+ 13 Etlare nakong eo ka eona bohato ba maoto a baprista ba jereng areka ea Jehova, Morena oa lefatše lohle, bo hatang metsing a Jordane, metsi a Jordane a tla emisoa, metsi a theohang holimo, ’me a tla ema e le letamo le le leng.”+
14 Eitse ha sechaba se tloha litenteng tsa sona pejana feela se tšela Jordane, baprista ba jereng areka+ ea selekane ba le ka pel’a sechaba, 15 le nakong eo ka eona bajari ba Areka ba fihlang Jordane ’me maoto a baprista ba jereng Areka a kena moeling oa metsi (joale Jordane e ja litlhokoa+ matsatsing ’ohle a kotulo), 16 eaba metsi a theohang holimo a qala ho ema. A phahama joaloka letamo le le leng+ hōle haholo Adama, motse o ka lehlakoreng la Zarthane,+ athe a theohelang nģ’a leoatle la Araba, Leoatle la Letsoai,+ a khaotsa ho phalla. A ile a emisoa, eaba sechaba se feta ka pel’a Jeriko. 17 Ho sa le joalo baprista ba jereng areka ea selekane sa Jehova ba ’na ba ema ba sa sisinyehe mobung o omileng+ bohareng ba Jordane ha Baiseraele bohle ba ntse ba tšela mobung o omileng,+ ho fihlela sechaba kaofela se qetile ho tšela Jordane.