1 Johanne
3 Bonang hore na ke lerato+ la mofuta ofe leo Ntate a re fileng lona, e le hore re ka bitsoa bana ba Molimo;+ ’me re bona. Ke ka lebaka leo lefatše+ le sa re tsebeng, hobane ha le mo tsebe.+ 2 Baratuoa, joale re bana ba Molimo,+ empa ho fihlela joale ha ho e-s’o bonahatsoe seo re tla ba sona.+ Rea tseba hore neng kapa neng ha a bonahatsoa+ re tla ba joaloka eena,+ hobane re tla mo bona feela joalokaha a le joalo.+ 3 E mong le e mong ea behileng tšepo ena ho eena oa itlhoekisa+ feela joalokaha eo a hloekile.+
4 E mong le e mong ea tloaetseng ho etsa sebe+ o boetse o tloaetse ho etsa tlōlo molao,+ kahoo sebe+ ke tlōlo ea molao. 5 Le lōna lea tseba hore o ile a bonahatsoa hore a tlose libe+ tsa rōna, ’me ha ho sebe+ ho eena. 6 E mong le e mong ea lutseng bonngoeng+ le eena ha aa tloaela ho etsa sebe;+ ha ho le ea mong ea tloaetseng ho etsa sebe ea mo boneng kapa ea mo tsebang.+ 7 Bana ba banyenyane, ho se ke ha e-ba le ea le khelosang; ea tsoelang pele ho etsa ho loka o lokile, feela joalokaha eo a lokile.+ 8 Ea tsoelang pele ho etsa sebe o simoloha ho Diabolose, hobane Diabolose o ’nile a etsa sebe ho tloha tšimolohong.+ Mora oa Molimo o ile a bonahatsoa+ ka morero ona, e leng, ho qhaqha mesebetsi ea Diabolose.+
9 E mong le e mong ea tsoetsoeng ke Molimo ha a tsoele pele ho etsa sebe,+ hobane peō ea Hae e ikatisang e lula ho eena, ’me a ke ke a tloaela ho etsa sebe, hobane o tsoetsoe ke Molimo.+ 10 Bana ba Molimo le bana ba Diabolose ba totobala ka ’nete ena: E mong le e mong ea sa tsoeleng pele ho etsa ho loka+ ha a simolohe ho Molimo, leha e le ea sa rateng mor’abo.+ 11 Kaha ona ke molaetsa oo le o utloileng ho tloha tšimolohong,+ hore re lokela ho ratana;+ 12 eseng joaloka Kaine, ea ileng a simoloha ho ea khopo ’me a bolaea+ mor’abo. O ile a mo bolaea ka lebaka lefe? Hobane mesebetsi ea hae e ne e le khopo,+ empa ea mor’abo e ne e lokile.+
13 Barab’eso, le se ke la hlolloa hore ebe lefatše le le hloile.+ 14 Rea tseba hore re fetile lefung ho ea bophelong,+ hobane re rata barab’abo rōna.+ Ea sa rateng o lula lefung.+ 15 E mong le e mong ea hloileng+ mor’abo ke ’molai,+ ’me lea tseba hore ha ho ’molai+ eo bophelo bo sa feleng bo lutseng ho eena.+ 16 Ka sena re tseba lerato,+ hobane eo o ile a nehelana ka moea oa hae bakeng sa rōna;+ ’me re tlamehile ho nehelana ka meea ea rōna bakeng sa barab’abo rōna.+ 17 Empa mang kapa mang ea nang le mokhoa oa lefatše lena oa ho tšehetsa bophelo+ ’me a bona mor’abo a hloka+ leha ho le joalo a mo koalla monyako oa qenehelo ea hae e bonolo,+ lerato la Molimo le lula ka tsela efe ho eena?+ 18 Bana ba banyenyane, a re se keng ra rata+ ka lentsoe kapa ka leleme,+ empa re rate ka ketso+ le ’nete.+
19 Re tla tseba ka sena hore re simoloha ’neteng,+ ’me re tla kholisa lipelo tsa rōna ka pel’a hae 20 mabapi le eng kapa eng eo lipelo tsa rōna li ka re tsoang ho eona,+ hobane Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna ’me o tseba lintho tsohle.+ 21 Baratuoa, haeba lipelo tsa rōna li sa re tsoe, re bua ka bolokolohi ho Molimo;+ 22 eng kapa eng eo re e kōpang re e amohela ho eena,+ hobane re boloka litaelo tsa hae ’me re etsa lintho tse khahlisang mahlong a hae.+ 23 Ka sebele, ena ke taelo ea hae, hore re be le tumelo lebitsong la Mora oa hae Jesu Kreste+ le hore re ratane,+ feela joalokaha a ile a re fa taelo. 24 Ho feta moo, ea bolokang litaelo tsa hae o lula bonngoeng le eena, ’me eena o bonngoeng le eo;+ ’me re tseba ka sena hore o lutse bonngoeng le rōna,+ ka lebaka la moea+ oo a ileng a re fa oona.