2 Johanne
La Bobeli la Johanne
1 Monna e moholo,+ ho mofumahali ea khethiloeng+ le ho bana ba hae, bao ke ba ratang+ kannete, eseng ’na feela, empa le bohle ba tsebang ’nete,+ 2 ka lebaka la ’nete e lulang ho rōna,+ ’me e tla ba le rōna ka ho sa feleng.+ 3 Ho rōna ho tla ba le mosa o sa tšoanelang,+ mohau le khotso e tsoang ho Molimo Ntate+ le ho Jesu Kreste Mora oa Ntate, ka ’nete le lerato.+
4 Ke thaba haholo hobane ke fumane ba bang ba bana+ ba hao ba tsamaea ’neteng,+ feela joalokaha re ile ra amohela taelo e tsoang ho Ntate.+ 5 Kahoo joale kea u kōpa, mofumahali, joaloka motho ea u ngollang, eseng taelo e ncha,+ empa eo re bileng le eona ho tloha tšimolohong,+ ea hore re ratane.+ 6 Sena ke seo lerato le se bolelang,+ hore re tsoele pele ho tsamaea ho ea ka litaelo+ tsa hae. Ena ke taelo, feela joalokaha le utloile ho tloha tšimolohong, hore le lokela ho tsoela pele ho tsamaea ka eona.+ 7 Etsoe bathetsi ba bangata ba kene lefatšeng,+ batho ba sa boleleng Jesu Kreste e le ea tlang ka nama.+ Enoa ke mothetsi+ le mohanyetsi oa Kreste.+
8 Itlhokomeleng, hore le se ke la lahleheloa ke lintho tseo re sebelelitseng ho li hlahisa, empa hore le ka fumana moputso o tletseng.+ 9 E mong le e mong ea iketelletsang pele+ ’me a sa lule+ thutong ea Kreste ha a na Molimo.+ Ea lulang thutong ena ke eena ea nang le Ntate le Mora.+ 10 Haeba leha e le mang a tla ho lōna ’me a sa tlise thuto ena, le ka mohla le se ke la mo amohela ka malapeng+ a lōna kapa la mo lumelisa.+ 11 Etsoe ea mo lumelisang o kopanela mesebetsing+ ea hae e khopo.
12 Le hoja ke e-na le lintho tse ngata tseo nka le ngollang tsona, ha ke lakatse ho etsa joalo ka pampiri le enke,+ empa ke tšepa ho tla ho lōna le ho bua le lōna lifahleho li talimane,+ e le hore thabo+ ea lōna e ka ba ka tekanyo e tletseng.+