Tšenolo
Tšenolo ho Johanne
1 Tšenolo+ ka Jesu Kreste, eo Molimo a ileng a mo fa eona,+ ho bontša makhoba+ a hae lintho tse tla etsahala haufinyane.+ O ile a roma lengeloi+ la hae ’me a e hlahisa ka lipontšo+ ka lona ho lekhoba la hae Johanne,+ 2 ea ileng a paka lentsoe leo Molimo a faneng ka lona+ le bopaki boo Jesu Kreste a faneng ka bona,+ esita le lintho tsohle tseo a ileng a li bona. 3 Ho thaba+ ea ballang holimo+ le ba utloang mantsoe a boprofeta bona,+ le ba bolokang lintho tse ngotsoeng ho bona;+ etsoe nako e behiloeng e haufi.+
4 Johanne ho liphutheho tse supileng+ tse seterekeng sa Asia:
E se eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang le khotso e tsoang ho “Ea teng le ea neng a le teng le ea tlang,”+ le e tsoang ho meea+ e supileng e ka pel’a terone ea hae, 5 le e tsoang ho Jesu Kreste, “Paki e Tšepahalang,”+ “Letsibolo ho tsoa bafung,”+ le “’Musi oa marena a lefatše.”+
Ho ea re ratang+ le ea ileng a re lokolla libeng tsa rōna ka mali a hae+— 6 ’me a etsa hore re be ’muso,+ baprista+ ho Molimo le Ntat’ae—e, ho eena e be khanya le bonatla ka ho sa feleng.+ Amen.
7 Bonang! O tla ka maru,+ ’me leihlo le leng le le leng le tla mo bona,+ le ba mo hlabileng;+ ’me meloko eohle ea lefatše e tla ikotla ka ho sareloa ka lebaka la hae.+ E, Amen.
8 “Ke ’na Alfa le Omega,”+ ho bolela Jehova Molimo, “Ea teng le ea neng a le teng le ea tlang,+ Ea Matla ’Ohle.”+
9 ’Na Johanne, mor’abo lōna le ea kopanelang le lōna matšoenyehong+ le ’musong+ le mamellong+ hammoho le Jesu,+ ke ile ka ba sehlekehlekeng se bitsoang Patmose ka lebaka la ho bua ka Molimo le ho paka ka Jesu.+ 10 Ka pululelo+ ke ile ka ba+ letsatsing la Morena,+ ’me ka mor’a ka ka utloa lentsoe+ le matla le joaloka la terompeta, 11 le re: “Seo u se bonang u se ngole+ moqolong ’me u se romele liphuthehong tse supileng,+ e Efese+ le e Smyrna+ le e Pergame+ le e Thyatire+ le e Sarda+ le e Filadelfia+ le e Laodisia.”+
12 Ka reteleha hore ke bone lentsoe le neng le bua le ’na, ’me, ha ke retelehile, ka bona liluloana tsa mabone tsa khauta tse supileng,+ 13 ’me har’a liluloana tsa mabone ka bona e mong ea joaloka mor’a motho,+ a apere seaparo se fihlang tlaase maotong, ’me a itlamile sefubeng ka senyepa sa khauta. 14 Ho feta moo, hlooho ea hae le moriri oa hae li ne li le tšoeu+ joaloka boea bo bosoeu, joaloka lehloa, ’me mahlo a hae a le joaloka lelakabe la mollo;+ 15 maoto a hae a ne a le joaloka koporo+ e hloekileng ha e hlenne ka sebōping; ’me lentsoe+ la hae le ne le le joaloka molumo oa metsi a mangata. 16 Ka letsohong la hae le letona o ne a e-na le linaleli+ tse supileng, ’me molomong oa hae ho ne ho tsoa sabole+ e bohale, e telele e sehang ka nģa tse peli, ’me sefahleho sa hae se ne se le joaloka letsatsi ha le khanya ka matla a lona.+ 17 Ha ke mo bona, ka oela maotong a hae joaloka ea shoeleng.
A beha letsoho la hae le letona holim ’a ka ’me a re: “U se ke ua tšoha.+ Ke ’na oa Pele+ le oa ho Qetela,+ 18 le ea phelang;+ ’me ke ile ka shoa,+ empa, bona! ke phela ka ho sa feleng le kamehla,+ ’me ke na le linotlolo tsa lefu+ le tsa Hadese.+ 19 Ka hona ngola fatše lintho tseo u li boneng, le lintho tse teng le lintho tse tla etsahala ka mor’a tsena.+ 20 Ha e le sephiri se halalelang sa linaleli+ tse supileng tseo u li boneng letsohong la ka le letona, le sa liluloana tsa mabone tsa khauta tse supileng:+ Linaleli tse supileng li bolela mangeloi a liphutheho tse supileng, ’me liluloana tsa mabone tse supileng li bolela liphutheho tse supileng.+