Tšenolo
15 Ka bona leholimong pontšo e ’ngoe,+ e khōlō le e hlollang, mangeloi+ a supileng a nang le likotlo tse supileng.+ Tsena ke tsa ho qetela, hobane bohale+ ba Molimo bo fihlisoa qetellong ka tsona.+
2 Ka bona se neng se bonahala e le leoatle+ le kang khalase le tsoakane le mollo, le ba hlahang ba hlōtse+ sebata le setšoantšo+ sa sona le palo+ ea lebitso la sona ba eme haufi le leoatle+ le kang khalase, ba e-na le liharepa+ tsa Molimo. 3 Ba bina pina ea Moshe+ lekhoba la Molimo le pina ea Konyana,+ ba re:
“Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle,+ mesebetsi ea hao+ e meholo ’me ea hlolla. Morena oa bosafeleng,+ litsela tsa hao li lokile ’me ke tsa ’nete.+ 4 Jehova,+ ka sebele ke mang ea ke keng a u tšaba,+ ’me a tlotlisa lebitso la hao,+ hobane ke uena feela ea tšepahalang?+ Etsoe lichaba kaofela li tla tla ’me li rapele ka pel’a hao,+ hobane melao-taelo ea hao e lokileng e bonahalitsoe.”+
5 Ka mor’a lintho tsena ka talima, ’me sehalalelo sa tente+ ea bopaki+ sa buloa leholimong,+ 6 mangeloi+ a supileng a nang le likotlo+ tse supileng a hlaha sehalalelong, a apere line+ e hloekileng, e khanyang ’me a tlamile lifuba ka linyepa tsa khauta. 7 Se seng sa libōpuoa+ tse phelang tse ’nè sa fa mangeloi a supileng likotlolo tse supileng tsa khauta tse neng li tletse bohale ba Molimo,+ ea phelang ka ho sa feleng le kamehla.+ 8 Sehalalelo sa tlala mosi ka lebaka la khanya ea Molimo+ le ka lebaka la matla a hae, ’me ha ho ea ileng a khona ho kena ka sehalalelong ho fihlela likotlo+ tse supileng tsa mangeloi a supileng li fela.