Tšenolo
19 Ka mor’a lintho tsena ka utloa seo e neng eka ke lentsoe le phahameng la bongata bo boholo leholimong.+ Sa re: “Rorisang Jah!+ Poloko+ le khanya le matla ke a Molimo oa rōna,+ 2 hobane likahlolo tsa hae ke ’nete ’me li lokile.+ Etsoe o phethahalitse kahlolo ea seotsoa se seholo se ileng sa bolisa lefatše ka bohlola ba sona, ’me o phetelelitse mali a makhoba a hae letsohong la sona.”+ 3 Hang-hang sa re ka lekhetlo la bobeli: “Rorisang Jah!+ Mosi o tsoang ho sona o tsoela pele o nyoloha ka ho sa feleng le kamehla.”+
4 Baholo+ ba mashome a mabeli a metso e mene le libōpuoa tse phelang tse ’nè+ ba itihela fatše ’me ba rapela Molimo ea lutseng+ teroneng, ba re: “Amen! Rorisang Jah!”+
5 Hape, lentsoe la tsoa teroneng la re: “Rorisang Molimo oa rōna, lōna kaofela makhoba a hae,+ a mo tšabang, a manyenyane le a maholo.”+
6 Ka utloa seo e neng eka ke lentsoe la bongata bo boholo le se kang molumo oa metsi a mangata le se kang molumo oa lialuma tse matla. Sa re: “Rorisang Jah,+ hobane Jehova Molimo oa rōna, ea Matla ’Ohle,+ o qalile ho busa e le morena.+ 7 A re thabeng ’me re nyakalle, ’me re mo tlotliseng,+ hobane lenyalo+ la Konyana le fihlile+ ’me mosali oa eona o itokisitse.+ 8 E, o nehiloe hore a apare line ea boleng bo botle, e khanyang, e hloekileng, kaha line ea boleng bo botle e emela liketso tse lokileng tsa bahalaleli.”+
9 La mpolella: “Ngola: Ho thaba ba memetsoeng+ lijong tsa shoalane tsa lenyalo la Konyana.”+ Hape, lea mpolella: “Tsena ke lipolelo tsa ’nete tsa Molimo.”+ 10 Eaba ke itihela fatše ka pel’a maoto a lona ho le rapela.+ Empa lea mpolella: “Hlokomela! U se ke ua etsa joalo!+ Ke mpa feela ke le lekhoba-’moho le uena le barab’eno ba nang le mosebetsi oa ho pakela Jesu.+ Rapela Molimo;+ kaha ho paka Jesu ke hona ho bululelang ho profeta.”+
11 Ka bona leholimo le buleha, ’me, bonang! pere e tšoeu.+ Ea e palameng o bitsoa ea Tšepahalang+ le oa ’Nete,+ ’me o ahlola le ho loana ka ho loka.+ 12 Mahlo a hae ke lelakabe la mollo,+ ’me o roetse mefapa-hlooho e mengata hloohong.+ O na le lebitso+ le ngotsoeng leo ho seng ea le tsebang haese eena, 13 ’me o apere seaparo sa ka ntle se fafalitsoeng ka mali,+ ’me lebitso leo a bitsoang ka lona ke Lentsoe+ la Molimo. 14 Hape, mabotho a neng a le leholimong a ne a mo latela ka lipere tse tšoeu, ’me a ne a apere line ea boleng bo botle, e tšoeu, e hloekileng. 15 Molomong oa hae ho tsoa sabole+ e telele e bohale, e le hore a ka hlatha lichaba ka eona, ’me o tla li lisa ka molamu oa tšepe.+ Hape o hatakela sehatelo+ sa veine sa bohale ba khalefo ea Molimo+ ea Matla ’Ohle. 16 Seaparong sa hae sa ka ntle, esita le seropeng sa hae, o na le lebitso le ngotsoeng, Morena oa marena le Khosi ea likhosi.+
17 Ka boela ka bona lengeloi le eme letsatsing, ’me la hoeletsa ka lentsoe le phahameng la re ho linonyana+ kaofela tse fofang sebakeng: “Tloong mona, le bokane lijong tse khōlō tsa shoalane tsa Molimo, 18 e le hore le ka ja linama+ tsa marena le linama tsa balaoli ba sesole le linama tsa banna ba matla+ le linama tsa lipere+ le tsa ba li palameng, le linama tsa bohle, tsa batho ba lokolohileng hammoho le tsa makhoba le tsa ba banyenyane le ba baholo.”
19 Ka bona sebata+ le marena+ a lefatše le mabotho a ’ona a bokane ho loantša+ ea palameng pere+ le lebotho la hae. 20 Sebata+ sa tšoaroa, ’me hammoho le sona ha tšoaroa moprofeta+ oa bohata ea ileng a etsa ka pel’a sona lipontšo+ tseo ka tsona a ileng a khelosa ba ileng ba amohela letšoao+ la sebata le ba fanang ka borapeli ho setšoantšo sa sona.+ Ba sa ntse ba phela, ba liheloa ka letšeng la mollo le tukang sebabole.+ 21 Empa ba bang kaofela ba bolaoa ka sabole e telele ea ea palameng pere,+ e leng sabole e neng e tsoa molomong oa hae.+ Linonyana+ kaofela tsa khora+ linama tsa bona.+