Tšenolo
3 “Ngolla lengeloi+ la phutheho e Sarda u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke ea nang le meea+ e supileng ea Molimo le linaleli+ tse supileng, ‘Ke tseba liketso tsa hao, hore u na le lebitso la hore ua phela, empa u shoele.+ 2 Lebela,+ ’me u matlafatse+ lintho tse setseng tse neng li se li tla shoa, kaha ha kea fumana liketso tsa hao li entsoe ka botlalo ka pel’a Molimo oa ka.+ 3 Ka hona, u tsoele pele ho hopola kamoo u amohetseng+ le kamoo u ileng ua utloa, ’me u tsoele pele ho ho boloka,+ ’me u bake.+ Ka sebele ntle le hore u tsohe,+ ke tla tla joaloka lesholu,+ ’me ho hang u ke ke ua tseba hore na ke tla tla ho uena ka hora efe.+
4 “‘Leha ho le joalo, u na le mabitso+ a seng makae Sarda a sa kang a silafatsa+ liaparo tsa ’ona tsa ka ntle, ’me a tla tsamaea le ’na a apere tse tšoeu,+ hobane aa tšoaneleha.+ 5 Kahoo ea hlōlang+ o tla apesoa liaparo tsa ka ntle tse tšoeu;+ ho hang nke ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ea bophelo,+ empa ke tla bolela hore ke ela lebitso la hae hloko ka pel’a Ntate+ le ka pel’a mangeloi a hae.+ 6 Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea+ o se bolellang liphutheho.’
7 “Ngolla lengeloi+ la phutheho e Filadelfia u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke ea halalelang,+ oa ’nete,+ ea nang le senotlolo sa Davida,+ ea bulang e le hore ho se ke ha e-ba le ea tla koala, ’me a koala e le hore ho se ke ha e-ba le ea bulang, 8 ‘Ke tseba liketso tsa hao+—bona! ke behile ka pel’a hao monyako o bulehileng,+ oo ho seng ea ka o koalang—hore u na le matla a manyenyane, ’me u ile ua boloka lentsoe la ka ’me u bile le ’nete lebitsong la ka.+ 9 Bona! Ke tla fana ka ba tsoang synagogeng ea Satane ba reng ke Bajuda,+ empa leha ho le joalo e se bona empa ba bua leshano+—bona! ke tla etsa hore ba tle ’me ba iname+ ka pel’a maoto a hao le ho ba tsebisa hore ke u ratile. 10 Kahobane u ile ua boloka lentsoe le mabapi le mamello+ ea ka, le ’na ke tla u phemisa+ hora ea teko, e tla tlela lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona, ho beha teko holim ’a ba lulang lefatšeng.+ 11 Ke tla kapele.+ U ’ne u tšoare ka tieo seo u nang le sona,+ e le hore ho se ke ha e-ba le ea ka nkang moqhaka oa hao.+
12 “‘Ea hlōlang—ke tla mo etsa tšiea+ ka tempeleng+ ea Molimo+ oa ka, ’me ho hang a ke ke a hlola a tsoa ka ho eona, ’me ke tla ngola holim ’a hae lebitso la Molimo oa ka le lebitso la motse oa Molimo oa ka, Jerusalema+ e mocha ea theohang a tsoa leholimong ho Molimo oa ka, le lebitso lane la ka le lecha.+ 13 Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea+ o se bolellang liphutheho.’
14 “Ngolla lengeloi la phutheho e Laodisia+ u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke Amen,+ paki+ e tšepahalang+ le ea ’nete,+ tšimoloho ea pōpo ea Molimo,+ 15 ‘Ke tseba liketso tsa hao, hore ha u bate ha u chese. Ke lakatsa eka u ka be u bata kapa ho seng joalo u chesa. 16 Kahoo, kahobane u foofo ’me ha u chese+ ha u bate,+ ke tla u hlatsa molomong oa ka. 17 Hobane u re: “Ke ruile+ ’me ke fumane maruo ’me ho hang ha ke hloke letho,” empa ha u tsebe hore u sōtō ’me ua haula ebile u mofutsana ’me u foufetse+ ebile u hlobotse, 18 ke u eletsa hore u reke ho ’na khauta+ e hloekisitsoeng ka mollo e le hore u ka ba ea ruileng, le liaparo tsa ka ntle tse tšoeu e le hore u ka apara le hore lihlong tsa ho hlobola ha hao li se ke tsa bonahala,+ le moriana o tlolang mahlo hore u o pikitle mahlong+ e le hore u ka bona.
19 “‘Ke khalemela bohle bao ke ba ratang ’me kea ba laea.+ Ka hona cheseha ’me u bake.+ 20 Bona! Ke eme monyako+ ’me kea kokota. Haeba mang kapa mang a utloa lentsoe la ka ’me a bula monyako,+ ke tla kena ka tlung ea hae ’me ke je lijo tsa shoalane le eena ’me eena a li je le ’na. 21 Ea hlōlang+ ke tla mo neha ho lula le ’na teroneng+ ea ka, esita le joalokaha ke ile ka hlōla ’me ka lula+ le Ntate teroneng ea hae.+ 22 Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea+ o se bolellang liphutheho.’”+