Baahloli
7 Joale Jerubaale,+ ke ho re, Gideone,+ le batho bohle ba neng ba e-na le eena, ba tsoha hoseng haholo ’me ba hloma liahelo selibeng sa Harode; ’me liahelo tsa Bamidiane li ne li le ka leboea ho eena, leralleng la More, khohlong. 2 Joale Jehova a re ho Gideone: “Batho ba nang le uena ba bangata haholo hore ke nehelane ka Bamidiane matsohong a bona.+ Mohlomong Baiseraele ba tla ithorisa+ khahlanong le ’na, ba re, ‘Ke letsoho la ka le mpholositseng.’+ 3 Joale, ka kōpo, hoeletsa moo sechaba se ntseng se utloa, u re, ‘Ke mang ea tšohileng le ea thothomelang? A ke a ikhule.’”+ Kahoo Gideone a se beha tekong. Eaba batho ba likete tse mashome a mabeli a metso e ’meli baa ikhula, ’me ho ne ho setse ba likete tse leshome.
4 Ho ntse ho le joalo Jehova a re ho Gideone: “Batho ba sa ntse ba le bangata haholo.+ E-re ba theohele metsing e le hore nka u behela bona tekong moo. Mang kapa mang eo ke tla re ho uena ka eena, ‘Enoa o tla ea le uena,’ ke eena ea tla ea le uena, empa e mong le e mong eo ke reng ka eena ho uena, ‘Enoa a ke ke a ea le uena,’ ke eena ea ke keng a ea.” 5 Kahoo a theolela batho metsing.+
Joale Jehova a re ho Gideone: “E mong le e mong ea qaphang metsi ka leleme feela joalokaha ntja e qapha, u tla mo behella ka thōko, le e mong le e mong ea khumamang ka mangole ho noa.”+ 6 Palo ea ba qaphelang melomong ka letsoho ea e-ba banna ba makholo a mararo. Ha e le batho ba bang kaofela, ba khumama ka mangole ho noa metsi.
7 Joale Jehova a re ho Gideone: “Ke tla le pholosa ka batho bana ba makholo a mararo ba qaphileng, ’me ke tla nehelana ka Bamidiane letsohong la hao.+ Ha e le batho ba bang kaofela, e mong le e mong a ikele sebakeng sa hae.” 8 Kahoo ba nka mefaho ea sechaba matsohong a sona, le manaka a sona,+ eaba o re banna bohle ba Iseraele ba tsamaee e mong le e mong ho ea lapeng la hae; ’me a lula a tšoere banna ba makholo a mararo. Ha e le liahelo tsa Bamidiane, li ne li le tlas’a hae khohlong.+
9 Eitse bosiung+ boo Jehova a re ho eena: “Ema, u theohele liahelong, hobane ke nehelane ka tsona letsohong la hao.+ 10 Empa haeba u tšaba ho theoha, theohela liahelong,+ uena hammoho le mohlanka oa hao Pura. 11 U tla mamela seo ba tla se bua,+ ’me ka mor’a moo ka sebele matsoho a hao a tla ba matla,+ ’me ka sebele u tla theohela liahelong.” Eaba eena le mohlanka oa hae Pura ba theohela moeling oa ba tlhophisong ea ntoa ba neng ba le liahelong.
12 Joale Bamidiane le Baamaleke le bohle ba Bochabela+ ba ne ba hasane khohlong ba le bangata joaloka litsie;+ likamele+ tsa bona li ne li se na palo, li le ngata joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle. 13 Joale Gideone a tla, ’me, bonang! ho ne ho e-na le monna ea phetelang motsoalle oa hae toro, eaba o tsoela pele ho re: “Toro ke ena eo ke e lorileng.+ Bona! Ho ne ho e-na le polokoe ea harese e ntseng e thetehela liahelong tsa Bamidiane. Joale ba tla tenteng ’me ba e otla hoo e ileng ea oa,+ ’me ba e phethola, eaba tente ea putlama.” 14 Motsoalle oa hae a araba+ a re: “Sena hase letho haese sabole ea Gideone+ mora oa Joashe, monna oa Baiseraele. Molimo oa ’nete+ o nehelane ka Bamidiane le liahelo tsohle letsohong la hae.”+
15 Eitse hang ha Gideone a utloa ho phetoa ha toro le tlhaloso ea eona,+ a qala ho rapela.+ Ka mor’a moo a khutlela liahelong tsa Baiseraele a re: “Emang,+ kaha Jehova o nehelane ka liahelo tsa Bamidiane matsohong a lōna.” 16 Joale a arola banna ba makholo a mararo ka lihlopha tse tharo ’me a beha manaka+ matsohong a bona kaofela le linkho tse khōlō tse se nang letho, le lirumula ka har’a linkho tse khōlō. 17 A tsoela pele ho re ho bona: “Le lokela ho ithuta ka ho ntalima, ’me ke kamoo le lokelang ho etsa kateng. Ha ke fihla moeling oa liahelo, hantle feela kamoo ke tlang ho etsa kateng, le lōna le tla etsa joalo. 18 Ha ke se ke letsitse lenaka, ’na le bohle ba nang le ’na, le lōna le tla letsa manaka, ka ho tšoanang, ho potoloha liahelo tsohle,+ ’me le tla re, ‘Ea Jehova+ le ea Gideone!’”
19 Ka mor’a nako Gideone a tla le banna ba lekholo ba neng ba e-na le eena moeling oa liahelo qalong ea tebelo ea har’a bosiu.+ Ba ne ba qeta ho beha balebeli. Eaba ba letsa manaka,+ ’me ha pshatlakanngoa linkho tse khōlō tsa metsi tse neng li le matsohong a bona.+ 20 Lihlopha tse tharo tsa letsa manaka+ ’me tsa pshatla linkho tse khōlō eaba li tšoara bocha lirumula ka matsoho a matšehali ’me ka matsoho a matona tsa tšoara manaka ho a letsa, tsa qala ho hoeletsa: “Sabole ea Jehova+ le ea Gideone!” 21 Ka nako eo eohle e mong le e mong a ’na a ema sebakeng sa hae ho potoloha liahelo ka hohle, eaba bohle ba lulang liahelong baa tutumolotseha ’me ba hooa eaba baa baleha.+ 22 Ba makholo a mararo+ ba tsoela pele ho letsa manaka,+ ’me Jehova a etsa hore sabole ea e mong le e mong e be khahlanong le e mong liahelong tsohle;+ ba lulang liahelong ba ’na ba baleha ho ea fihla Bethe-shita, ho fetela Zerera, ho ea fihla mathōkong a Abele-mehola+ haufi le Tabathe.
23 Khabareng banna ba Iseraele ba bokelloa ba tsoa Nefthali+ le Ashere+ le Manase+ eohle, ’me ba qala ho lelekisa+ Bamidiane. 24 Gideone a romela manģosa sebakeng sohle se lithaba sa Efraime,+ a re: “Theohang ho ea kopana le Bamidiane ’me le hape metsi pele ho bona ho ea fihla Bethe-bara le Jordane.” Kahoo banna bohle ba Efraime ba bokelloa, ’me ba hapa metsi+ ho ea fihla Bethe-bara le Jordane. 25 Ba boela ba hapa likhosana tse peli tsa Bamidiane, e leng, Orebe le Zebe;+ ba bolaela Orebe lefikeng la Orebe,+ ’me ba bolaela Zebe sekhakeletsing sa veine sa Zebe. Ba ’na ba lelekisa Bamidiane,+ ba tlisa hlooho ea Orebe le ea Zebe ho Gideone sebakeng sa Jordane.+