1 Samuele
13 Saule o ne a le lilemo li [?] ha a qala ho busa,+ ’me a busa Iseraele ka lilemo tse peli. 2 Saule a ikhethela banna ba likete tse tharo Iseraele; ba likete tse peli ba e-ba le Saule Mikmashe+ le sebakeng se lithaba sa Bethele, ’me ba sekete ba e-ba le Jonathane+ Gibea+ ea Benjamine, ’me batho ba bang kaofela a re ba tsamaee, e mong le e mong a ee tenteng ea hae. 3 Joale Jonathane a bolaea lebotho la Bafilista+ le lulang setsing sa sesole+ le neng le le Geba;+ Bafilista ba utloa ka hona. Ha e le Saule, a re ho letsoe lenaka+ ho pholletsa le naha eohle, a re: “Baheberu ba ke ba utloe!” 4 Baiseraele bohle ba utloa ha ho boleloa: “Saule o bolaile lebotho la Bafilista le lulang setsing sa sesole, joale Baiseraele ba fetohile ba nkhang hampe+ har’a Bafilista.” Kahoo sechaba sa bokelloa hore se latele Saule ho ea Gilgale.+
5 Bafilista ba phutheha ho loantša Baiseraele, likoloi tsa ntoa+ tse likete tse mashome a mararo le banna ba lipere ba likete tse tšeletseng le batho ba joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle ka bongata;+ ba nyoloha ’me ba qala ho hloma liahelo Mikmashe ho ea ka bochabela ho Bethe-avene.+ 6 Banna ba Iseraele ba bona hore ba mahlomoleng,+ hobane sechaba se ne se le tsietsing; sechaba sa qala ho ipata mahaheng+ le likoting le mafikeng le likamoreng tsa polokelo tse ka tlas’a mohaho le likoting tsa metsi. 7 Baheberu ba ba ba tšela Jordane+ ho ea naheng ea Gade+ le Gileade. Empa Saule o ne a sa ntse a le Gilgale, ’me sechaba sohle se ne se thothomela ha se ntse se mo latela.+ 8 A tsoela pele a ntse a letile ka matsatsi a supileng ho fihlela nakong e behiloeng eo Samuele a neng a e boletse;+ Samuele ha aa ka a tla Gilgale, ’me sechaba se ne se hasana ho tloha ho eena. 9 Qetellong Saule a re: “Atametsang ho ’na sehlabelo sa secheso le mahlabelo a kopanetsoeng.” Eaba o qala ho nyehela sehlabelo sa secheso.+
10 Eitse hang ha a qetile ho nyehela sehlabelo sa secheso, bonang! Samuele a kena. Kahoo Saule a tsoa ho mo khahlanyetsa ’me a mo hlohonolofatsa.+ 11 Joale Samuele a re: “U entse’ng?”+ Eaba Saule o re: “Ke ile ka bona hore sechaba se ne se qhalakantsoe hore se tlohe ho ’na,+ ’me uena—ha ua ka ua tla matsatsing a behiloeng,+ ’me Bafilista ba ne ba ntse ba phutheha Mikmashe,+ 12 kahoo ka ipolella ho re,+ ‘Joale Bafilista ba tla mphutuhela Gilgale, ’me ha kea nolofatsa sefahleho sa Jehova.’ Kahoo ka iqobella+ eaba ke qala ho nyehela sehlabelo sa secheso.”
13 Eaba Samuele o re ho Saule: “U entse ka booatla.+ Ha ua boloka taelo+ ea Jehova Molimo oa hao eo a u laetseng eona,+ hobane, haeba u ne u e bolokile, Jehova a ka be a entse hore ’muso oa hao o tiee holim ’a Iseraele ho isa nakong e sa lekanyetsoang. 14 Joale ’muso oa hao o ke ke oa tšoarella.+ Ka sebele Jehova o tla iphumanela monna ea ratoang ke pelo ea hae;+ ’me Jehova o tla mo beha hore e be moeta-pele+ oa batho ba hae, hobane ha ua ka ua boloka seo Jehova a u laetseng sona.”+
15 Joale Samuele a ema eaba o tloha Gilgale o ea Gibea ea Benjamine, ’me Saule a bala sechaba, se neng se sa ntse se e-na le eena, banna ba ka bang makholo a tšeletseng.+ 16 Saule le mora oa hae Jonathane le sechaba se neng se sa ntse se e-na le bona ba ne ba lula Geba+ ea Benjamine. Ha e le Bafilista, ba ne ba hlomile liahelo Mikmashe.+ 17 Lebotho la ba nkang thepa ka mahahapa le ne le khoroha ho tloha liahelong tsa Bafilista ka lihlopha tse tharo.+ Sehlopha se seng se ne se leba tseleng e eang Ofra,+ naheng ea Shuale, 18 ’me sehlopha se seng se ne se retelehela tseleng ea Bethe-horone,+ ’me sehlopha sa boraro se ne se retelehela tseleng e eang moeling o shebileng nģ’a phuleng ea Zeboime, nģ’a lefeelleng.
19 Joale ha hoa ka ha fumanoa setei sa tšepe naheng eohle ea Iseraele, hobane Bafilista ba ne ba itse: “E le hore Baheberu ba se ke ba etsa sabole kapa lerumo.”+ 20 Baiseraele bohle ba ne ba theohela ho Bafilista hore e mong le e mong a leotse mohoma oa hae kapa mohoma oa hae o kang peke kapa selepe sa hae kapa sekele ea hae.+ 21 Tefello ea ho leotsa ea e-ba pime bakeng sa mehoma le bakeng sa mehoma e kang peke le bakeng sa lisebelisoa tse meno a mararo le bakeng sa lilepe le bakeng sa ho tiisa tsenene ea likhomo.+ 22 Letsatsing la ntoa ha hoa ka ha fumanoa sabole+ kapa lerumo matsohong a batho leha e le bafe ba neng ba e-na le Saule le Jonathane; empa ha fumanoa ea Saule+ le ea mora oa hae Jonathane.
23 Joale lebotho la Bafilista le setsing se ka thōko sa sesole+ le ne le khorohela lekhalong la Mikmashe.+