1 Samuele
14 Eitse ka letsatsi le leng Jonathane+ mora oa Saule a re ho mohlanka ea nkang libetsa tsa hae: “Tloo ’me re tšelele setsing se ka thōko sa sesole sa Bafilista ba leng ka mose oane.” Empa ha aa ka a bolella ntat’ae hoo.+ 2 Saule o ne a lula mathōkong a Gibea+ tlas’a sefate sa likharenate se Migrone; batho ba neng ba e-na le eena e ne e ka ba banna ba likete tse tšeletseng.+ 3 (Akija mora oa Akitube,+ mor’abo Ikabode,+ mora oa Finease,+ mora oa Eli,+ moprista oa Jehova Shilo,+ o ne a jere efoda.)+ Batho ba ne ba sa tsebe hore Jonathane o tsamaile. 4 Joale pakeng tsa makhalo ao Jonathane a neng a a batla hore a tšelele setsing se ka thōko sa sesole+ sa Bafilista ho ne ho e-na le lefika le kang leino ka lehlakoreng lena le lefika le kang leino ka lehlakoreng lane, ’me lebitso la le leng e ne e le Bozeze ’me lebitso la le leng e le Sene. 5 Leino le leng e ne e le tšiea ka leboea le shebile Mikmashe,+ ’me le leng le ne le le ka boroa le shebile Geba.+
6 Kahoo Jonathane a re ho mohlanka, mojari oa lihlomo tsa hae: “Tloo ’me re tšelele setsing se ka thōko sa sesole sa banna bana ba sa bollang.+ Mohlomong Jehova o tla re sebeletsa, etsoe ha ho se ka sitisang Jehova ho pholosa ka ba bangata kapa ka ba seng bakae.”+ 7 Eaba mojari oa lihlomo tsa hae o re ho eena: “Etsa eng kapa eng e ka pelong ea hao. Retelehela moo u lakatsang. Bona! ke na le uena tumellanong le pelo ea hao.”+ 8 Joale Jonathane a re: “Bona! re tšelela ho banna bao, ’me a re ipepesetse bona. 9 Haeba ena ke tsela eo ba tla bua le rōna ka eona, ‘Emang ho fihlela re kopana le lōna!’ joale re tla ema moo re leng teng, ’me ha rea lokela ho nyolohela ho bona. 10 Empa haeba ena ke tsela eo ba tla bua ka eona, ‘Re futuheleng!’ joale re tla nyoloha, hobane ka sebele Jehova o tla nehelana ka bona matsohong a rōna, ’me ena ke pontšo bakeng sa rōna.”+
11 Eaba ba ipepesetsa lebotho la Bafilista le setsing se ka thōko sa sesole. Bafilista ba re: “Baheberu ke bana ba tsoa mekoting moo ba neng ba ipatile teng.”+ 12 Kahoo banna ba setsing se ka thōko sa sesole ba araba Jonathane le mojari oa lihlomo tsa hae ’me ba re: “Nyolohelang ho rōna, ’me re tla le ruta thuto!”+ Hang-hang Jonathane a re ho mojari oa lihlomo tsa hae: “Nyoloha ka mor’a ka, hobane ka sebele Jehova o tla nehelana ka bona matsohong a Baiseraele.”+ 13 Jonathane a ’na a nyoloha a khasa,+ ’me mojari oa lihlomo tsa hae a mo setse morao; ba qala ho oela ka pel’a Jonathane,+ ’me mojari oa lihlomo tsa hae a ntse a ba bolaea ka mor’a hae.+ 14 Polao ea pele eo Jonathane le mojari oa lihlomo tsa hae ba ileng ba ba bolaea ka eona ea e-ba ea banna ba ka bang mashome a mabeli ka har’a hoo e ka bang halofo ea mola o lenngoeng akereng ea tšimo.
15 Joale ho thothomela+ ha e-ba teng liahelong naheng le har’a batho bohle ba setsing se ka thōko sa sesole; lebotho la ba nkang thepa ka mahahapa+ la thothomela, le lefatše la qala ho sisinyeha,+ ’me ea e-ba ho thothomela ho tsoang ho Molimo.+ 16 Balebeli ba Saule ba Gibea+ ea Benjamine ba ho bona, ’me, bonang! morusu o ne o e-ea koana le koana.+
17 Saule a re ho batho ba neng ba e-na le eena: “Ka kōpo, balang ’me le bone hore na ke mang ea tsoileng ho rōna.” Ha ba bala, bonang! Jonathane le mojari oa lihlomo tsa hae ba ne ba le sieo. 18 Joale Saule a re ho Akija:+ “Atametsa areka ea Molimo oa ’nete!”+ (Etsoe areka ea Molimo oa ’nete e ne e le ho bara ba Iseraele letsatsing leo.)+ 19 Eitse ha Saule a ntse a bua le moprista,+ morusu o neng o le liahelong tsa Bafilista oa tsoela pele, oa e-ba moholo haholo. Joale Saule a re ho moprista: “Khutlisa letsoho la hao.” 20 Kahoo Saule hammoho le batho bohle ba neng ba e-na le eena ba bitsoa.+ Kahoo ba fihla ntoeng, ’me moo e mong le e mong o ne a futuhela oa habo ka sabole;+ tlhōlo e ne e le khōlō haholo. 21 Baheberu bao e neng e se e le ba Bafilista+ joaloka pele le ba neng ba nyolohetse le bona liahelong tse pota-potileng, esita le bona ba ne ba e-na le Baiseraele ba neng ba e-na le Saule le Jonathane. 22 Le banna bohle ba Iseraele ba neng ba ipatile+ sebakeng se lithaba sa Efraime ba utloa hore Bafilista ba balehile, ’me le bona ba ba beha merebele ntoeng. 23 Jehova a pholosa+ Baiseraele letsatsing leo, ’me ntoa ea fetela Bethe-avene.+
24 Banna ba Iseraele ba ne ba le tsietsing letsatsing leo, ’me leha ho le joalo Saule a hlapantša batho ka tieo,+ a re: “Ho rohakoe motho ea jang bohobe pele ho shoalane le ho fihlela ke iphetelitse+ ho lira tsa ka!” Ha ho le ea mong oa batho ea ileng a latsoa bohobe.+
25 Batho bohle ba naha ba tla merung, ha mahe a linotši+ a ne a le holim ’a naha. 26 Ha batho ba tla merung, bonang! ho ne ho rotha mahe a linotši,+ empa ho ne ho se ea isang letsoho molomong, hobane batho ba ne ba tšaba kano.+ 27 Ha e le Jonathane, o ne a sa utloa ha ntat’ae a hlapantša batho,+ kahoo a otlolla ntlha ea molamu o neng o le letsohong la hae a e qopetsa khekheng ea linotši ’me a khutlisetsa letsoho molomong, eaba mahlo a hae a qala ho khanya.+ 28 Eaba e mong oa batho oa araba ’me o re: “Ntat’ao o hlapantšitse batho ka tieo, a re, ‘Ho rohakoe motho ea jang bohobe kajeno!’”+ (Batho ba qala ho khathala.)+ 29 Leha ho le joalo, Jonathane a re: “Ntate o tlisitse khathatso+ naheng. Ka kōpo, bonang kamoo mahlo a ka a khanyang kateng hobane ke latsoitse mahenyana ana a linotši.+ 30 Ho ka be ho bile joalo hakaakang hoja batho ba ne ba jele+ kajeno thepeng e hapuoeng ea lira tsa bona eo ba e fumaneng!+ Etsoe joale polao holim ’a Bafilista ha ea ka ea e-ba khōlō.”+
31 Letsatsing leo ba ’na ba bolaea Bafilista ho tloha Mikmashe+ ho ea Ajalone,+ ’me batho ba khathala haholo.+ 32 Batho ba qala ho potlakela ka meharo thepeng e hapuoeng+ ’me ba nka linku le likhomo le manamane ba li hlabela fatše, ’me batho ba jelella le mali.+ 33 Kahoo ba bolella Saule, ba re: “Bona! Batho ba siteloa Jehova ka ho jelella le mali.”+ Eaba o re: “Le sebelitse ka bolotsana. Pele ho tsohle, phikolosetsang lejoe le leholo ho ’na.” 34 Ka mor’a moo Saule a re: “Hasanang har’a batho, ’me le re ho bona, ‘Atametsang ho ’na, e mong le e mong oa lōna, poho ea hae ’me e mong le e mong, nku ea hae, ’me le hlabele sebakeng sena le je, ’me le se ke la siteloa Jehova ka ho jelella le mali.’”+ Ka lebaka leo batho bohle ba atametsa e mong le e mong poho ea hae e neng e le letsohong la hae bosiung boo eaba ba hlabela moo. 35 Saule a hahela Jehova aletare.+ A qala ho hahela Jehova lialetare ka eona.+
36 Hamorao Saule a re: “A re theoheng re saleng Bafilista morao bosiu ’me re ba tlatlape ho fihlela ka meso,+ ’me re se ke ra siea le ea mong har’a bona.”+ Eaba ba re: “Etsa ntho leha e le efe e molemo mahlong a hao.” Joale moprista a re: “A re atameleng mona ho Molimo oa ’nete.”+ 37 Saule a qala ho botsa Molimo: “Na ke theohe ho sala Bafilista morao?+ Na u tla nehelana ka bona matsohong a Baiseraele?”+ Ha aa ka a mo araba letsatsing leo.+ 38 Kahoo Saule a re: “Atamelang mona,+ lōna banna bohle ba bohlokoa ba sechaba,+ ’me le fumane hantle le ho bona tsela eo sebe sena se bileng ka eona kajeno. 39 Etsoe ka Jehova ea phelang, eo e leng Molopolli oa Iseraele, esita le haeba se bile ka mora oa ka Jonathane, empa leha ho le joalo ka sebele o tla shoa.”+ Empa ho ne ho se ea mo arabang har’a batho bohle.40 A tsoela pele ho re ho Baiseraele bohle: “Le tla ba ka lehlakoreng le leng, ’me ’na le mora oa ka Jonathane—re tla ba ka lehlakoreng le leng.” Eaba batho ba re ho Saule: “Etsa se molemo mahlong a hao.”+
41 Saule a re ho Jehova: “Molimo oa Iseraele, fana ka Thumime!”+ Joale Jonathane le Saule ba nkoa, eaba batho baa tsoa.+ 42 Joale Saule a re: “Lahlang lotho+ e le hore le etse qeto pakeng tsa ka le mora oa ka Jonathane.” Jonathane a nkoa. 43 Joale Saule a re ho Jonathane: “Mpolelle, U entse’ng?”+ Kahoo Jonathane a mo bolella a re: “Kannete ke ile ka latsoa mahenyana a linotši ntlheng ea molamu o letsohong la ka.+ Ke ’na enoa! E-re ke shoe!”
44 Eaba Saule o re: “E se eka Molimo a ka etsa tjena ’me e se eka a ka ekelletsa ho seo,+ haeba ka sebele u sa shoe,+ Jonathane.” 45 Empa batho ba re ho Saule: “Na Jonathane o lokela ho shoa, ea tlisitseng poloko+ ee e khōlō Iseraele? Ke ho sa utloahaleng!+ Ka Jehova ea phelang,+ ha ho qoba leha e le ’ngoe ea moriri+ oa hae e tla oela fatše; etsoe o sebelitse le Molimo letsatsing lena.”+ Eaba batho ba lopolla+ Jonathane, ’me ha aa ka a shoa.
46 Kahoo Saule a ikhula hore a se ke a latela Bafilista, ’me Bafilista ba ea sebakeng sa bona.+
47 Saule a nka borena holim ’a Iseraele+ eaba o qala ho loantša ka hohle lira tsohle tsa hae, le Moabe+ le bara ba Ammone+ le Edomo+ le marena a Zoba+ le Bafilista;+ kae kapa kae moo a neng a retelehela teng o ne a fana ka kahlolo.+ 48 A tsoela pele ho etsa ka sebete+ ’me a bolaea Baamaleke+ le ho lopolla Baiseraele letsohong la ea ba nkelang thepa ka mahahapa.
49 Bara ba Saule ea e-ba Jonathane+ le Ishvi le Malki-shua,+ ’me, ha e le mabitso a barali ba hae ba babeli, lebitso la ea tsoetsoeng pele e ne e le Merabe+ ’me lebitso la e monyenyane e le Mikale.+ 50 Lebitso la mosali oa Saule e ne e le Akinoame morali oa Akimaze, ’me lebitso la molaoli oa lebotho la hae e ne e le Abnere+ mora oa Nere, mor’abo ntat’a Saule. 51 Kishe+ e ne e le ntat’a Saule, ’me Nere+ ntat’a Abnere e ne e le mora oa Abiele.
52 Ntoa ea tsoela pele e le boima khahlanong le Bafilista matsatsing ’ohle a Saule.+ Ha Saule a ne a bona monna leha e le ofe ea matla kapa motho leha e le ofe ea sebete, o ne a inkela eena.+