1 Samuele
19 Qetellong Saule a bua le mora oa hae Jonathane le bahlanka bohle ba hae ka ho bolaea Davida.+ 2 Ha e le Jonathane, mora oa Saule, o ne a khahloa ke Davida haholo.+ Kahoo Jonathane a bolella Davida, a re: “Saule Ntate o batla hore u bolaoe. Joale, ka kōpo, u itebele hoseng, ’me u lule sephiring u ipate.+ 3 Ke tla tsoa ’me ka sebele ke eme lehlakoreng la Ntate naheng moo u tlang ho ba teng, ’me ke tla u buella ho Ntate, ’me ka sebele ke tla bona se tla etsahala, ’me ke tla tiisa hore kea u bolella.”+
4 Ka lebaka leo Jonathane a bua hantle+ ka Davida ho ntat’ae Saule ’me a re ho eena: “Morena a se ke a siteloa+ mohlanka oa hae Davida, etsoe ha aa u siteloa ebile mesebetsi ea hae e ’nile ea e-ba metle haholo ho uena.+ 5 O ile a beha moea oa hae seatleng+ sa hae ’me a bolaea Bafilista,+ hoo Jehova a ileng a tlisetsa Baiseraele bohle poloko+ e khōlō. U e bone, ’me ua thaba. Kahoo ke hobane’ng ha u ka siteloa mali a hlokang molato ka ho etsa hore Davida a bolaeloe+ lefeela?”+ 6 Joale Saule a mamela lentsoe la Jonathane, ’me Saule a hlapanya: “Ka Jehova ea phelang,+ a ke ke a bolaoa.” 7 Ka mor’a moo Jonathane a bitsa Davida ’me Jonathane a mo bolella mantsoe ana ’ohle. Joale Jonathane a tlisa Davida ho Saule, ’me a tsoela pele a le ka pel’a hae joaloka pele.+
8 Ka mor’a nako ntoa ea boela ea qhoma ’me Davida a qala ho khoroha a loantša Bafilista a ba bolaea ka polao e khōlō,+ ’me ba baleha ka pel’a hae.+
9 Moea o mobe+ oa Jehova oa e-ba holim ’a Saule ha a ntse a lutse ka tlung ea hae a tšoere lerumo la hae letsohong, ha Davida a ntse a letsa ’mino ka letsoho. 10 Ka lebaka leo Saule a leka ho hlabella Davida leboteng+ ka lerumo, empa a fola+ ka pel’a Saule, hoo a ileng a hlaba leboteng ka lerumo. Davida a baleha e le hore a ka phonyoha bosiung boo.+ 11 Hamorao Saule a romela manģosa+ ntlong ea Davida ho e lebela le ho etsa hore a bolaoe hoseng;+ empa mosali oa hae Mikale a bolella Davida, a re: “Haeba u sa balehise moea oa hao bosiung bona, hosasane u tla be u le monna ea bolailoeng.” 12 Kapele-pele Mikale a etsa hore Davida a theohe ka fensetere, e le hore a ka tsamaea ’me a balehe a phonyohe.+ 13 Joale Mikale a nka setšoantšo sa terafime+ ’me a se beha setulong se kang bethe, eaba o beha lesela la boea ba pōli sebakeng sa hlooho ea hae, ka mor’a moo a se koahela ka seaparo.
14 Joale Saule a romela manģosa ho ea lata Davida, empa a re: “Oa kula.”+ 15 Kahoo Saule a romela manģosa ho ea bona Davida, a re: “Mo tliseng ho ’na a le setulong sa hae se kang bethe hore a bolaoe.”+ 16 Ha manģosa a kena, ho ne ho e-na le setšoantšo sa terafime setulong se kang bethe ’me lesela la boea ba pōli le le sebakeng sa hlooho ea hae. 17 Eaba Saule o re ho Mikale: “Ke hobane’ng ha u nqhekeletse+ tjee, hoo u entseng hore sera+ sa ka se tsamaee e le hore se ka phonyoha?” Mikale le eena a re ho Saule: “O itse ho ’na, ‘E-re ke tsamaee! Ke hobane’ng ha ke lokela ho u bolaea?’”
18 Ha e le Davida, a baleha eaba oa phonyoha+ ’me a tla ho Samuele Rama.+ A mo bolella tsohle tseo Saule a neng a mo entse tsona. Joale eena le Samuele ba tsamaea, ’me ba lula Najothe.+ 19 Ka mor’a nako tlaleho ea fihla ho Saule, e reng: “Bona! Davida o Najothe e Rama.” 20 Hang-hang Saule a romela manģosa ho ea lata Davida. Eitse ha a bona ba hōlileng ba baprofeta ba profeta, ’me Samuele a ba okametse, moea+ oa Molimo oa e-ba holim ’a manģosa a Saule, eaba le ’ona a qala ho itšoara joaloka baprofeta.+
21 Ha ba bolella Saule, kapele-pele a romela manģosa a mang, eaba le ’ona a qala ho itšoara joaloka baprofeta. Kahoo Saule a romela manģosa hape, sehlopha sa boraro, eaba le ’ona a qala ho itšoara joaloka baprofeta. 22 Qetellong le eena a ea Rama. Ha a fihla selibeng se seholo se Seku, a qala ho botsa a re: “Samuele le Davida ba hokae?” Eaba ba re: “Mane Najothe+ e Rama.” 23 A ’na a tsamaea ho tloha moo ho ea Najothe e Rama, eaba moea+ oa Molimo o ba holim ’a hae, e, eena, eaba o tsoela pele ho tsamaea ’me a tsoela pele ho itšoara joaloka moprofeta ho fihlela a fihla Najothe e Rama. 24 Le eena a hlobola liaparo tsa hae a itšoara joaloka moprofeta ka pel’a Samuele, ’me a paqama fatše a hlobotse letsatsi leo lohle le bosiu boo bohle.+ Ke ka lebaka leo ba ileng ba re: “Na Saule le eena o har’a baprofeta?”+