1 Samuele
20 Davida a qala ho baleha+ Najothe e Rama. Leha ho le joalo, a tla ’me a re ka pel’a Jonathane: “Ke entse’ng?+ Phoso ea ka ke efe, ’me sebe seo ke se entseng ka pel’a ntat’ao ke sefe, kaha o batla moea oa ka?” 2 Eaba o re ho eena: “Ke ho sa utloahaleng!+ U ke ke ua shoa. Bona! Ntate a ke ke a etsa ntho e khōlō kapa e nyenyane ’me a se ke a e senola tsebeng ea ka;+ ke ka lebaka lefe Ntate a ka mpatelang taba ee?+ Sena ha se etsahale.” 3 Empa ho phaella moo Davida a hlapanya+ ’me a re: “E tlameha ebe ntat’ao oa tseba hore ke fumane kamohelo mahlong a hao,+ kahoo o ne a ka re, ‘Le se ke la lumella Jonathane hore a tsebe sena esere a utloa bohloko.’ Empa, ha e le hantle, ka Jehova ea phelang+ le ka moea oa hao o phelang,+ ho na le hoo e ka bang mohato feela pakeng tsa ka le lefu!”+
4 Jonathane a tsoela pele ho re ho Davida: “Ke tla u etsetsa eng kapa eng eo moea oa hao o ka e buang.” 5 Eaba Davida o re ho Jonathane: “Bona! Hosasane khoeli ea thoasa,+ ’me ruri ke tšoanela ho lula le morena lijong; e-re ke tsamaee, ’me ke tla ipata+ naheng ho fihlela ka shoalane letsatsing la boraro. 6 Haeba ntat’ao a ka mpatla, joale u tla re, ‘Davida o kōpile ho ’na ka tieo ho ba sieo hore a mathele Bethlehema+ motseng oa habo, hobane ho na le sehlabelo sa selemo le selemo moo bakeng sa lelapa lohle.’+ 7 Ha a ka bua tjena, ‘Ke hantle!’ hoo ho bolela khotso ho mohlanka oa hao. Empa haeba o tla halefa, u tsebe hore o rerile se sebe.+ 8 U etse ka mosa o lerato ho mohlanka oa hao,+ etsoe u kentse mohlanka oa hao selekaneng+ sa Jehova le uena. Empa haeba ho e-na le phoso ho ’na,+ u mpolaee, etsoe ke hobane’ng ha u ka ntlisa ho ntat’ao?”
9 Eaba Jonathane o re: “Hoo ke ho sa utloahaleng mabapi le uena! Empa haeba nka tseba hore Ntate o rerile hore bobe bo u oele holimo, na nke ke ka u bolella hoo?”+ 10 Joale Davida a re ho Jonathane: “Ke mang ea tla mpolella haeba ntat’ao a ka u araba ka thata?” 11 Eaba Jonathane o re ho Davida: “Tloo, ’me re ee naheng.” Kahoo ba ea naheng. 12 Jonathane a tsoela pele ho re ho Davida: “Jehova Molimo oa Iseraele+ [e be paki]+ hore ke tla botsa Ntate hoo e ka bang ka nako ena hosasane, kapa ka letsatsi la boraro, ’me haeba a e-na le boikutlo bo botle mabapi le Davida, na joale nke ke ka romeletsa ho uena ’me ka sebele ke senole hoo tsebeng ea hao? 13 E se eka Jehova a ka etsa joalo ho Jonathane ’me e se eka a ka ekelletsa ho seo,+ haeba, ha ho ka bonahala ho le molemo ho Ntate ho u etsa hampe, ke sa senole hoo tsebeng ea hao le ho etsa hore u tsamaee, ’me ka sebele u sa tsamaee ka khotso. E se eka Jehova a ka ba le uena,+ feela joalokaha a bile le Ntate.+ 14 Haeba ke tla be ke sa ntse ke phela,+ na u ke ke ua mpontša mosa o lerato oa Jehova, e, na u ke ke ua etsa joalo, e le hore ke se ke ka shoa?+ 15 U ke ke ua felisa mosa oa hao o lerato hore o be le ba ntlo ea ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Leha e le hore, ha Jehova a felisa lira tsa Davida, e mong le e mong holim ’a lefatše, 16 lebitso la Jonathane le tla felisoa ntlong ea Davida.+ Jehova o tla le batla matsohong a lira tsa Davida.” 17 Kahoo Jonathane a boela a hlapanyetsa Davida ka lebaka la lerato la hae ho eena; etsoe o ne a mo rata joalokaha a ne a rata moea oa hae.+
18 Jonathane a tsoela pele ho re ho eena: “Hosasane khoeli ea thoasa,+ ’me ka sebele ho tla bonahala hore ha u eo, hobane setulo sa hao se tla be se se na motho. 19 Ka sebele ka letsatsi la boraro u tla batloa haholo; u tla tla sebakeng seo u ileng ua ipata+ ho sona ka letsatsi la ho sebetsa, ’me u tla lula haufi le lejoe lena mona. 20 Ha e le ’na, ke tla fula metsu e meraro ka lehlakoreng le leng la lona, ho e romela moo ke korotseng teng. 21 Bona! Ke tla romela mohlanka, ke re, ‘Tsamaea, u batle metsu eo.’ Haeba ka ho khethehileng ke re ho mohlanka, ‘Bona! Metsu ke ena ka lehlakoreng lena la hao, e nke,’ joale u tle, kaha ho bolela khotso bakeng sa hao ’me ha ho molato, ka Jehova ea phelang.+ 22 Empa haeba nka re ho mohlankana eo, ‘Bona! Metsu e hōjana le uena,’ tsamaea, kaha Jehova o entse hore u tsamaee. 23 Ha e le lentsoe leo re le buileng,+ ’na le uena, e se eka Jehova a ka ba pakeng tsa ka le uena ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+
24 Davida a ipata naheng.+ Khoeli ea thoasa, eaba morena o lula lijong ho ja.+ 25 Morena o ne a lutse setulong sa hae joaloka linakong tse ling, setulong se leboteng; Jonathane o ne a shebane le eena, ’me Abnere+ o ne a lutse lehlakoreng la Saule, empa sebaka sa Davida se ne se se na motho. 26 Saule ha aa ka a bua letho letsatsing leo, kaha o ile a ipolella ho re: “Ho hong ho etsahetse ke kahoo a sa hloekang,+ kaha ha aa hloekisoa.” 27 Eitse letsatsi ka mor’a hore khoeli e thoase, letsatsing la bobeli, sebaka sa Davida sa tsoela pele se se na motho. Eaba Saule o re ho mora oa hae Jonathane: “Ke hobane’ng ha mora oa Jese+ a sa tla lijong maobane kapa kajeno?” 28 Kahoo Jonathane a araba Saule: “Davida o kōpile ho ’na ka tieo ho ba sieo hore a ee Bethlehema.+ 29 A tsoela pele ho re, ‘Ka kōpo, e-re ke tsamaee, hobane re na le sehlabelo sa lelapa motseng, ’me ke mor’eso ea ntaetseng. Kahoo joale, haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, ntumelle hore ke thobe, ka kōpo, e le hore nka bona barab’eso.’ Ke ka lebaka leo a sa tlang tafoleng ea morena.” 30 Joale bohale+ ba Saule ba tukela Jonathane ’me a re ho eena: “Uena mora oa lekhabunyane la lerabele,+ na ha ke tsebe hantle hore u khetha mora oa Jese bakeng sa ho itlotlolla le bakeng sa ho tlotlolla litho tse sephiring tsa ’m ’ao?+ 31 Ka matsatsi ’ohle ao ka ’ona mora oa Jese a phelang lefatšeng, uena le borena ba hao le ke ke la tiisoa ka thata.+ Kahoo joale romeletsa ’me u ntatele eena, kaha o reretsoe ho shoa.”+
32 Leha ho le joalo, Jonathane a araba ntat’ae Saule ’me a re ho eena: “Ke hobane’ng ha a lokela ho bolaoa?+ O entse’ng?”+ 33 Eaba Saule o qala ho mo betsa ka lerumo hore a mo hlabe;+ Jonathane a tseba hore ntat’ae o ne a rerile ho bolaea Davida.+ 34 Kapele-pele Jonathane a phahama tafoleng a tuka ke bohale,+ ’me ha aa ka a ja bohobe ka letsatsi la bobeli ka mor’a hore khoeli e thoase, kaha o ne a utloile bohloko ka lebaka la Davida,+ hobane ntat’ae o ne a mo tlotlolotse.+
35 Eitse hoseng Jonathane a leba naheng ea sebaka se behiloeng sa Davida,+ mohlanka e mocha lilemong a e-na le eena. 36 A re ho mohlanka oa hae: “Ka kōpo, matha u batle metsu eo ke e fulang.”+ Mohlanka a matha, eaba o fula motsu ho etsa hore o fetele ka nģ’ane ho eena. 37 Ha mohlanka a fihla sebakeng sa motsu oo Jonathane a neng a o futse, Jonathane a qala ho hooa a le ka mor’a mohlanka ’me a re: “Na motsu oo ha o hōjana le uena?”+ 38 Jonathane a tsoela pele ho hooa a le ka mor’a mohlanka: “Potlaka! Etsa kapele! U se ke ua ema!” Mohlanka oa Jonathane a qala ho nka metsu ’me joale a tla ho mong’a hae. 39 Ha e le mohlanka, o ne a sa tsebe letho; ke Jonathane le Davida feela ba neng ba tseba ka taba eo. 40 Ka mor’a moo Jonathane a fa mohlanka oa hae libetsa tsa hae ’me a re ho eena: “Tsamaea, u li ise motseng.”
41 Mohlanka a tsamaea. Ha e le Davida, a phahama haufi moo ka boroa. Joale a itihela fatše ka sefahleho+ ’me a inama ka makhetlo a mararo; ba qala ho akana+ le ho llelana, ho fihlela Davida a llile ka ho fetisisa.+ 42 Jonathane a tsoela pele ho re ho Davida: “E-ea ka khotso,+ kaha re hlapantse,+ ka bobeli ba rōna, ka lebitso la Jehova, ra re, ‘E se eka Jehova a ka ba pakeng tsa ka le uena le pakeng tsa bana ba ka le bana ba hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’”+
Ka lebaka leo Davida a tloha ’me a tsamaea, ’me Jonathane a kena motseng.