1 Samuele
24 Eitse hang ha Saule a khutlile ho lateleng Bafilista,+ ba mo tlalehela, ba re: “Bona! Davida o lefeelleng la Ene-gedi.”+
2 Saule a nka banna ba likete tse tharo ba khethiloeng+ ho Baiseraele bohle le ho ea batla Davida+ le banna ba hae mafikeng a sa koaheloang ke letho a lipōli tsa thaba.+ 3 Qetellong a fihla masakeng a linku a majoe a pel’a tsela, moo ho neng ho e-na le lehaha. Kahoo Saule a kena ka hare ho ithusa,+ ha Davida le banna ba hae ba ntse ba le ka likarolong tsa lehaha+ tse ka hare-hare morao, ba lutse fatše. 4 Banna ba Davida ba qala ho re ho eena: “Lena ke letsatsi leo ka lona Jehova a reng ho uena, ‘Bona! ke tla nehelana ka sera sa hao letsohong la hao,+ ’me u se etse feela kamoo ho ka bonahalang ho le molemo kateng mahlong a hao.’”+ Kahoo Davida a ema ’me ka lenyele a seha moleka oa seaparo se se nang matsoho sa Saule. 5 Empa eare ka mor’a moo pelo ea Davida ea ’na ea mo tšetšetha+ ka lebaka la hore o ne a sehile moleka oa seaparo se se nang matsoho sa Saule. 6 Kahoo a re ho banna ba hae: “Ke ho sa utloahaleng, ponong ea Jehova, hore ke etse ntho ena ho moren ’a ka, motlotsuoa+ oa Jehova, ka ho otlolla letsoho la ka khahlanong le eena, kaha ke motlotsuoa oa Jehova.”+ 7 Ka lebaka leo Davida a qhalakanya banna ba hae ka mantsoe ana, ’me ha aa ka a ba lumella ho tsohela Saule matla.+ Ha e le Saule, a ema lehaheng ’me a tsamaea.
8 Kahoo Davida a ema ka mor’a moo ’me a tsoa ka lehaheng eaba o hoeletsa Saule, o re: “Khosi+ ea ka morena!” Eaba Saule oa hetla, ’me Davida a inamela fatše+ ka sefahleho ’me a khumama. 9 Davida a tsoela pele ho re ho Saule: “Ke hobane’ng ha u mamela mantsoe a motho,+ a reng, ‘Bona! Davida o batla ho u ntša kotsi’? 10 Bona! letsatsing lena mahlo a hao a bone kamoo Jehova a nehelaneng ka uena kateng kajeno letsohong la ka ka lehaheng; e mong o ne a re u bolaoe,+ empa ka u utloela bohloko ’me ka re, ‘Nke ke ka otlolla letsoho la ka khahlanong le moren ’a ka, etsoe ke motlotsuoa+ oa Jehova.’ 11 Ntate,+ bona, e, bona moleka oa seaparo sa hao se se nang matsoho letsohong la ka, kaha eitse ha ke seha moleka oa seaparo sa hao se se nang matsoho ha kea ka ka u bolaea. Tseba ’me u bone hore ha ho bobe+ kapa bofetoheli letsohong la ka, ’me ha kea u siteloa, ha u ntse u laletse ho nka moea oa ka.+ 12 E se eka Jehova a ka ahlola pakeng tsa ka le uena;+ Jehova o tla mpheteletsa+ ho uena, empa letsoho la ka le ke ke la e-ba holim ’a hao.+ 13 Feela joalokaha maele a baholo-holo a re, ‘Bokhopo bo tla tsoa ho ba khopo,’+ empa letsoho la ka le ke ke la e-ba holim ’a hao. 14 Morena oa Iseraele o setse mang morao? U lelekisa mang? Ntja e shoeleng?+ Letsetse le le leng?+ 15 Jehova e tla ba moahloli, ’me o tla ahlola pakeng tsa ka le uena, ’me o tla bona ’me o tla ntsamaisetsa nyeoe+ a nkahlole hore a ntokolle letsohong la hao.”
16 Eare ha Davida a qeta ho bolella Saule mantsoe ana, Saule a re: “Na lee ke lentsoe la hao, mora oa ka Davida?”+ Saule a qala ho phahamisa lentsoe ’me a lla.+ 17 A tsoela pele ho re ho Davida: “U lokile ho mpheta,+ etsoe ke uena ea nkentseng hantle,+ ’me ke ’na ea u entseng hampe. 18 Uena—kajeno u boletse botle boo u bo entseng mabapi le ’na ba hore ebe Jehova o ne a nehelane ka ’na letsohong+ la hao ’me ha ua ka ua mpolaea. 19 Joale tabeng ea ha motho a fumana sera sa hae, na o tla etsa hore se tsamaee ka tsela e ntle?+ Kahoo Jehova o tla u putsa ka botle,+ ka lebaka la hore letsatsing lena u bo entse ho ’na. 20 Joale, bona! ke tseba hantle hore, ruri, u tla busa u le morena,+ le hore ka sebele ’muso oa Iseraele o tla lula o le teng letsohong la hao. 21 Kahoo joale ntlhapanyetse ka Jehova+ hore u ke ke ua felisa peō ea ka ka mor’a ka le hore u ke ke ua felisa lebitso la ka ka tlung ea Ntate.”+ 22 Ka lebaka leo Davida a hlapanyetsa Saule, ka mor’a moo Saule a ea lapeng la hae.+ Ha e le Davida le banna ba hae, ba nyolohela sebakeng seo ho leng thata ho se atamela.+