1 Samuele
27 Leha ho le joalo, Davida a re ka pelong: “Joale ka letsatsi le leng ke tla felisoa ke letsoho la Saule. Ha ho letho le molemo ho ’na ho feta hore ruri ke balehele+ naheng ea Bafilista;+ Saule o tla felloa ke tšepo ka ’na hore a se ke a hlola a mpatla naheng eohle ea Iseraele,+ ’me ka sebele ke tla phonyoha letsohong la hae.” 2 Kahoo Davida a tloha ’me eena le banna ba makholo a tšeletseng+ ba neng ba e-na le eena ba fetela ho Akishe+ mora oa Maoke, morena oa Gathe. 3 Davida a tsoela pele ho lula le Akishe Gathe, eena le banna ba hae, e mong le e mong le ba ntlo ea hae,+ Davida le basali ba hae ba babeli, Akinoame+ mosali oa Mojezriele le Abigaile,+ mosali oa Nabale, mosali oa Mokarmele. 4 Ka mor’a nako ha tlaleheloa Saule hore Davida o balehetse Gathe, kahoo ha aa ka a qala ho ea mo batla ka lekhetlo le leng hape.+
5 Joale Davida a re ho Akishe: “Joale, haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, e-re ba mphe sebaka ho o mong oa metse e libakeng tse ka thōko, e le hore nka lula moo; etsoe ke hobane’ng ha mohlanka oa hao a ka lula motseng oa borena le uena?” 6 Ka lebaka leo Akishe a mo fa Ziklage+ letsatsing leo. Ke ka lebaka leo Ziklage e leng ea marena a Juda ho fihlela letsatsing lena.
7 Palo ea matsatsi ao Davida a a lutseng libakeng tse ka thōko tsa Bafilista ea e-ba selemo le likhoeli tse ’nè.+ 8 Davida a nyoloha le banna ba hae e le hore ba ka futuhela Bageshure+ le Bagireze le Baamaleke;+ etsoe ba ne ba ahile naheng e neng e namme ho tloha Telame+ ho ea fihla Shure+ le ho fihlela naheng ea Egepeta. 9 Davida a hlasela naha, empa ha aa ka a boloka monna kapa mosali a phela;+ a hapa mehlape ea likhutšoane le mehlape ea liphoofolo tse khōlō le liesele le likamele le liaparo, ka mor’a moo a khutla ’me a tla ho Akishe. 10 Joale Akishe a re: “Le ne le futuhetse hokae kajeno?” Eaba Davida o re:+ “Ka boroa ho Juda+ le ka boroa ho Bajeramiele+ le ka boroa ho Bakene.”+ 11 Ha e le banna le basali, Davida o ne a sa boloke leha e le bafe ba phela ho ba tlisa Gathe, a re: “E le hore ba se ke ba re bolela, ba re, ‘Ena ke tsela eo Davida a entseng ka eona.’”+ (Tsela ena e ’nile ea e-ba mokhoa oa hae ka matsatsi ’ohle ao a a lutseng libakeng tse ka thōko tsa Bafilista.) 12 Ka lebaka leo Akishe a lumela+ Davida, a ipolella ho re: “Ntle ho pelaelo o fetohile seputa har’a batho ba habo ba Iseraele;+ o tla lokela ho ba mohlanka oa ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”