1 Samuele
8 Eitse hang ha Samuele a se a tsofetse a beha+ bara ba hae hore e be baahloli ba Iseraele. 2 Joale lebitso la mora oa hae oa letsibolo e ne e le Joele,+ ’me lebitso la oa bobeli e le Abija;+ ba ne ba ahlola Beerseba. 3 Bara ba hae ha baa ka ba tsamaea litseleng tsa hae,+ empa ba ne ba sekametse ho latela phaello e sa lokang+ ’me ba ne ba amohela tjotjo+ ebile ba khopamisa kahlolo.+
4 Ka mor’a nako banna bohle ba baholo ba Iseraele+ ba phutheha ’me ba tla ho Samuele Rama 5 ba re ho eena: “Bona! U se u tsofetse, empa bara ba hao ha baa tsamaea litseleng tsa hao. Joale re behele morena+ hore a re ahlole joaloka lichaba tsohle.” 6 Empa ntho eo e ne e le mpe mahlong a Samuele kahobane ba ne ba itse: “Re fe morena hore a re ahlole,” ’me Samuele a qala ho rapela Jehova.+ 7 Joale Jehova a re ho Samuele:+ “Mamela lentsoe la sechaba seo mabapi le sohle seo se u bolellang sona;+ kaha ha sea lahla uena, empa se lahlile ’na hore ke se ke ka ba morena+ oa sona. 8 Tumellanong le liketso tsohle tseo li se entseng ho tloha letsatsing la ha ke se ntša Egepeta+ ho fihlela letsatsing lena leo ka lona se ’nileng sa ntlohela+ ’me sa sebeletsa melimo e meng,+ ke tsela eo se etsang ka eona le ho uena. 9 Joale mamela lentsoe la sona. Taba ke ena feela, ke hore u lokela ho se lemosa ka tieo, ’me u se bolelle tokelo e loketseng ea morena ea tla se busa.”+
10 Kahoo Samuele a bolella sechaba se neng se kōpa morena ho eena mantsoe ’ohle a Jehova. 11 A re: “Ena e tla ba tokelo e loketseng+ ea morena ea tla le busa: O tla nka bara ba lōna+ ’me a ba behe hore e be ba hae likoloing tsa hae+ le har’a banna ba hae ba lipere,+ ’me ba bang ba tla lokela ho matha ka pel’a likoloi tsa hae;+ 12 a ipehele balaoli ba ba likete+ le balaoli ba ba mashome a mahlano,+ le ba bang ho mo lemela+ le ho mo kotulela+ lijalo tsa hae le ho etsa likofuto tsa hae tsa ntoa+ le likofuto tsa hae tsa likoloi.+ 13 O tla nka barali ba lōna hore e be ba tsoakang litlolo le liphehi le baapehi.+ 14 Masimo a lōna le lirapa tsa lōna tsa morara+ le meru ea lōna ea mohloaare,+ tse ntlehali, o tla li nka ’me a li fe bahlanka ba hae. 15 Masimong a lōna a peō le lirapeng tsa lōna tsa morara o tla nka karolo ea leshome,+ ’me ka sebele o tla e fa balaoli ba hae ba lekhotla+ le bahlanka ba hae. 16 O tla nka bahlanka ba lōna le makhabunyane a lōna le mehlape ea lōna e metlehali ea liphoofolo tse khōlō, le liesele tsa lōna, ’me o tla lokela ho li sebelisetsa mosebetsi oa hae.+ 17 Mehlapeng ea lōna ea likhutšoane+ o tla nka karolo ea leshome, ’me le tla ba bahlanka ba hae. 18 Ka sebele le tla hoeletsa letsatsing leo ka lebaka la morena oa lōna,+ eo le ikhethetseng eena, empa Jehova a ke ke a le araba letsatsing leo.”+
19 Leha ho le joalo, sechaba sa hana ho mamela lentsoe la Samuele+ ’me sa re: “Che, empa re tla ba le morena. 20 Le rōna, re tla ba joaloka lichaba tsohle,+ ’me morena oa rōna o tla re ahlola ’me a re etelle pele ’me a loane lintoa tsa rōna.” 21 Samuele a utloa mantsoe ’ohle a sechaba; joale a a bua moo Jehova a ntseng a utloa.+ 22 Jehova a re ho Samuele: “Mamela lentsoe la sona, ’me u etse hore morena a se buse.”+ Ka lebaka leo Samuele a re ho banna ba Iseraele: “E mong le e mong a ee motseng oa habo.”