Lipesaleme
Pesaleme ea Davida.
2 Ke eena ea nthatang le ea ntšireletsang,
Ke setšabelo sa ka se sireletsehileng* le mopholosi oa ka,
Ke thebe ea ka le Molimo eo ke balehetseng ho eena,+
Ea hlolang lichaba hore ke li laole.+
4 Bophelo ba motho bo bokhutšoane joaloka phefumoloho feela.+
Matsatsi a hae a joaloka seriti se fetang.+
5 Jehova, theola* maholimo a hao ’me u theohe.+
Thetsa lithaba ’me u etse hore li kubelle mosi.+
6 Khantša lehalima ’me u hasanye lira tsa ka.+
Lahlela metsu ea hao e le hore u li ferekanye.+
7 Otlolla matsoho a hao u le leholimong.
Mpholose metsing a mangata,
U mpholose matsohong a balichaba,+
8 Ba buang leshano ka melomo ea bona
Le ba phahamisang matsoho a bona a matona ho ikana empa ba bua leshano.
9 Molimo, ke tla u binela pina e ncha.+
Ke u binele lithoriso ka seletsa sa likhoele tse leshome,
10 Ke binele ea etsang hore marena a hlole,*+
Ea pholosang mohlanka oa hae Davida hore a se ke a bolaoa ka sabole.+
11 U mpholose matsohong a balichaba,
Ba buang leshano ka melomo ea bona
Le ba phahamisang matsoho a bona a matona ho ikana empa ba bua leshano.
12 Bara ba rona ba tla ba joaloka limela tse nyenyane tse holang kapele,
Barali ba rona ba tšoane le lipilara tsa lik’hona tse betletsoeng ntlo ea boreneng,
Mehlape ea rona e masimong a rona e tla eketseha, e be mengata hoo e ke keng ea baloa.
14 Le hoja likhomo tsa rona li emere, li ke ke tsa folotsa kapa tsa hlaheloa ke kotsi.*
Ho ke ke ha e-ba le batho ba llang mabaleng a rona.
15 Ho thaba batho bao lintho li ba tsamaelang tjena.
Ho thaba batho bao Molimo oa bona e leng Jehova.+