Ruthe
4 Boase a nyolohela keiting ea motse+ ’me a lula moo. Molopolli eo Boase a neng a buile ka eena+ a feta ka tsela. Boase a re: “ ’Nyeo, tloo u lule mona.” A ea ’me a lula fatše. 2 Ka mor’a moo, Boase a nka banna ba leshome ho banna ba baholo ba motse+ a re: “Lulang mona.” Kahoo ba lula.
3 Boase a re ho molopolli:+ “Naomi ea khutlileng naheng ea Moabe,+ o lokela ho rekisa tšimo eo e neng e le ea ngoan’abo rona Elimeleke.+ 4 Kahoo, ke ile ka nahana hore ke lokela ho u tsebisa sena ka hore ke re ho uena: ‘Reka tšimo eo ka pel’a baahi le banna ba baholo ba batho ba heso.+ Haeba u tla e lopolla, etsa joalo. Empa haeba u ke ke oa e lopolla, mpolelle e le hore nka tseba kaha ke uena ea ka e lopollang ’me ’na kea u hlahlama.’” Eaba molopolli o re: “Ke ikemiselitse ho e lopolla.”+ 5 Boase a re: “Letsatsing leo ka lona u rekang tšimo ho Naomi, u boetse u lokela ho e reka ho Ruthe mohlolohali oa Momoabe e le hore lefa la monna ea shoeleng le ka khutlisetsoa lebitsong la hae.”+ 6 Eaba molopolli o re: “Ha ke khone ho itopollela eona hobane nka tloha ka senya lefa la ka. Itopollele eona ka tokelo ea ka ea ho lopolla kaha ha ke khone ho e lopolla.”
7 Ena e ne e le tloaelo ea mehleng ea pele Iseraele malebana le tokelo ea ho lopolla le ea phapanyetsano, e le ho tiisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba e rekisetsanang: Monna o ne a lokela ho rola seeta* sa hae+ ’me a se fe e mong. Baiseraele ba ne ba tiisa litumellano tsa bona ka tsela ena. 8 Kahoo, molopolli a re ho Boase: “Ithekele eona” eaba o rola seeta* sa hae. 9 Boase a re ho banna ba baholo le batho bohle: “Kajeno le lipaki+ tsa hore ke reka lintho tsohle tseo e neng e le tsa Elimeleke le tsohle tseo e neng e le tsa Kilione le Mahalone ho Naomi. 10 Ke nka le Ruthe mosali oa Momoabe, mosali oa Mahalone hore e be mosali oa ka ho khutlisetsa lefa la monna ea shoeleng lebitsong la hae+ e le hore lebitso la monna ea shoeleng le se ke la felisoa har’a bana babo le keiting ea motse oa habo. Kajeno le lipaki tsa sena.”+
11 Eaba batho bohle ba neng ba le keiting ea motse le banna ba baholo ba re: “Re lipaki! E se eka Jehova a ka lumella mosali ea kenang ka tlung ea hao ho ba joaloka Ragele le joaloka Lea, bao ka bobeli ba hahileng ntlo ea Iseraele.+ E se eka u ka atleha Efratha+ le ho etsa lebitso* le letle Bethlehema.+ 12 E se eka ntlo ea hao e ka ba joaloka ntlo ea Pereze,+ eo Tamare a ileng a mo tsoalla Juda, ka bana bao Jehova a tla u fa bona ka mosali enoa e mocha.”+
13 Kahoo, Boase a nka Ruthe ’me ea e-ba mosali oa hae. A robala le eena eaba Jehova o mo lumella hore a ime eaba o tsoala mora. 14 Joale basali ba re ho Naomi: “Ho bokoe Jehova ea sa etsang hore u sale u se na molopolli kajeno. E se eka lebitso la hae le ka phatlalatsoa Iseraele! 15 O* tsosolositse bophelo* ba hao ebile o tla u hlokomela botsofaling ba hao hobane o tsoetsoe ke ngoetsi ea hao e u ratang+ le e molemo ho uena ho feta bara ba supileng.” 16 Naomi a nka ngoana eaba o mo beha sefubeng sa hae ’me a mo hlokomela.* 17 Basali ba baahelani ba mo reha lebitso. Ba re: “Naomi o tsoaletsoe mora” eaba ba mo reha Obede.+ Ke eena ntate oa Jese,+ ntate oa Davida.
18 Lena ke leloko* la Pereze:+ Pereze a tsoala Hezrone,+ 19 Hezrone a tsoala Rame, Rame a tsoala Aminadabe,+ 20 Aminadabe+ a tsoala Nashone, Nashone a tsoala Salmone, 21 Salmone a tsoala Boase, Boase a tsoala Obede, 22 Obede a tsoala Jese,+ Jese a tsoala Davida.+