Buka ea Pele ea Samuele
23 Ka mor’a nako Davida o ile a bolelloa sena: “Bafilista ba loantša Keila+ ’me ba inkela lijo liotlong.” 2 Kahoo, Davida a botsa Jehova+ a re: “Na ke ee ke e’o bolaea Bafilista baa?” Jehova a re ho Davida: “E-ea, u e’o bolaea Bafilista ’me u pholose Keila.” 3 Empa banna ba Davida ba re ho eena: “Re se re ntse re tšohile re sa le mona Juda,+ re tl’o tšoha le ho feta haeba re ka ea Keila ho ea loantša masole a Bafilista.”+ 4 Kahoo, Davida a boela a botsa Jehova.+ Jehova a mo araba a re: “Ema, u ee Keila hobane ke tla u thusa hore u hlole Bafilista.”+ 5 Davida a tsamaea le banna ba hae ho ea Keila ’me ba loantša Bafilista. Davida a nka liphoofolo tsa bona ’me a ba bolaea ka bongata eaba Davida o pholosa baahi ba Keila.+
6 Joale ha Abiathare+ mora oa Akimeleke a balehela ho Davida Keila, o ne a tšoere efoda. 7 Saule a bolelloa hore Davida o tlile Keila. Eaba Saule o re: “Molimo o nehelane ka eena ho ’na*+ hobane o ikoalletse ka ho kena motseng o nang le likeiti le mekoallo.” 8 Saule a laela masole ’ohle a hae hore a ee ntoeng Keila a e’o thibella Davida le banna ba hae. 9 Ha Davida a utloa hore Saule o ntse a mo rerela bolotsana, a re ho moprista Abiathare: “Tlisa efoda eo mona.”+ 10 Eaba Davida o re: “Jehova Molimo oa Iseraele, mohlanka oa hao o utloile hore Saule o batla ho tla Keila ho tla felisa motse ka lebaka la ka.+ 11 Na baeta-pele* ba Keila ba tla nehelana ka ’na letsohong la hae? Na Saule o tla tla joalokaha mohlanka oa hao a utloile? Ka kopo Jehova Molimo oa Iseraele, bolella mohlanka oa hao.” Eaba Jehova o re: “O tla tla.” 12 Davida a re: “Na baeta-pele ba Keila ba tla nehelana ka ’na le banna ba ka letsohong la Saule?” Jehova a re: “Ba tla nehelana ka lona.”
13 Hang-hang Davida a tsamaea le banna ba hae ba ka bang 600+ ’me ba tloha Keila ba ea libakeng tse fapaneng, hohle moo ba neng ba bona ho sireletsehile. Ha Saule a utloa hore Davida o balehile Keila, a tlohela ho mo lelekisa. 14 Davida a lula lefeelleng libakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona, sebakeng se lithaba lefeelleng la Zife.+ Saule o ne a lula a mo batla+ empa Jehova ha aa ka a nehelana ka eena letsohong la Saule. 15 Ha Davida a ntse a le Horeshe lefeelleng la Zife, o ne a tseba hore* Saule o ntse a mo batla hore a tle a mo bolaee.
16 Jonathane mora oa Saule a ea ho Davida Horeshe ’me a mo thusa hore a fumane matla* ho Jehova.+ 17 A re ho eena: “U se ke oa tšoha hobane ntate oa ka Saule a ke ke a u fumana. U tla ba morena oa Iseraele+ ’me ’na ke tla ba oa bobeli ka mor’a hao le ntate oa ka Saule oa tseba.”+ 18 Joale ka bobeli ba etsa tumellano+ ka pel’a Jehova ’me Davida a ’na a lula Horeshe eaba Jonathane o ea hae.
19 Hamorao banna ba Zife ba nyolohela ho Saule Gibea+ ’me ba re ho eena: “Davida o ipatile haufi le rona+ libakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona Horeshe,+ leralleng la Hakila+ le ka boroa* ho Jeshimone.*+ 20 Morena haeba o batla ho tla, tloo ’me re tla nehelana ka eena letsohong la hao morena.”+ 21 Eaba Saule o re: “E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa hobane le nkutloetse bohloko. 22 Ke kopa le tsamaee le e’o leka ho fumana hore na hantle-ntle o sebakeng sefe le hore na ke mang ea mo boneng moo hobane ke utloile hore o maqheka. 23 Le fumane hantle hore na libaka tsohle tseo a ipatang ho tsona ke life ebe le khutlela ho ’na ka bopaki. Ka mor’a moo, ke tla tsamaea le lona ’me haeba a le teng naheng eo, ke tla mo batla har’a likete* tsohle tsa Juda.”
24 Kahoo, ba tsamaea ba ea Zife+ pele ho Saule ha Davida le banna ba hae ba ntse ba le lefeelleng la Maone+ e Araba+ ka boroa ho Jeshimone. 25 Eaba Saule o tla le banna ba hae ho tla mo batla.+ Ha ba bolella Davida taba eo, hang-hang a theohela lefikeng+ ’me a lula lefeelleng la Maone. Saule a utloa eaba o lelekisa Davida lefeelleng la Maone. 26 Ha Saule a tla ka lehlakoreng le leng la thaba, Davida le banna ba hae ba ne ba le ka lehlakoreng le leng la thaba. Davida o ne a potlaka hore a balehe+ Saule empa Saule le banna ba hae ba ne ba ntse ba atamela Davida le banna ba hae hore ba ba tšoare.+ 27 Empa moromuoa a tla ho Saule a re: “Tloo kapele hobane Bafilista ba hlasetse naha!” 28 Eaba Saule o tlohela ho lelekisa Davida,+ a tloha a e’o loantša Bafilista. Ke ka lebaka leo sebaka seo se ileng sa bitsoa Lefika la Likarohano.
29 Davida a nyoloha ho tloha moo ’me a lula libakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona Ene-gedi.+