5 “Haeba bara ba motho ba lula hammoho ’me e mong oa bona a shoa a se na mora, mosali oa ea shoeleng ha aa lokela ho ba oa osele ka ntle. Mor’abo monna oa hae o lokela ho ea ho eena, ’me a mo nke hore e be mosali oa hae ’me a mo kenele.+
6 Ngoana oa letsibolo eo a tla mo beleha e lokela ho ba mohlahlami lebitsong la mor’abo ea shoeleng,+ hore lebitso la hae le se ke la hlakoloa Iseraele.+
11 Empa Naomi a re: “Khutlang, barali ba ka. Ke hobane’ng ha le lokela ho tsamaea le ’na? Na ke sa ntse ke e-na le bara lithong tsa ka tse ka hare, ’me na ba tla lokela ho ba banna ba lōna?+