5 Joale a mo ntšetsa ka ntle ’me a re: “Ka kōpo, talima maholimong ’me u bale linaleli, haeba u ka khona ho li bala.”+ Eaba o tsoela pele ho re ho eena: “Peō ea hao e tla ba joalo.”+
7 Bara ba Iseraele ba ata ’me ba qala ho ngatafala; ba ’na ba ata ’me ba e-ba matla haholo ka tekanyo e sa tloaelehang, hoo ba ileng ba tlala naha eo.+
5 U arabe ’me u re ka pel’a Jehova Molimo oa hao, ‘Ntate e ne e le Mosyria+ ea timelang; eaba o theohela Egepeta+ ’me o lula teng e le mojaki a e-na le ba fokolang haholo ka palo;+ empa a fetoha sechaba se seholo moo, se matla le se sengata.+
12 Kahoo hape ka monna a le mong,+ le eena ho tšoana leha a shoele,+ ho ile ha tsoaloa bana feela joalokaha eka ke linaleli tsa leholimo ka bongata le joaloka lehlabathe le mathōkong a leoatle, ba se nang palo.+