16 e le hore le se ke la etsa ka mokhoa o senyang+ ’me ruri la iketsetsa setšoantšo se betliloeng, sebōpeho se tšoantšetsang ntho leha e le efe, setšoantšo sa e motona kapa e motšehali,+
12 eaba Jehova o re ho ’na, ‘Ema, theoha mona kapele, hobane sechaba sa heno seo u se ntšitseng Egepeta se entse ka mokhoa o senyang.+ Se khelohile kapele tseleng eo ke se laetseng eona. Se iketselitse setšoantšo se entsoeng ka ho qhibilihisoa.’+
19 E ne e re ha moahloli a shoa ba retelehe ’me ba etse ka mokhoa o senyang ho feta bo-ntat’a bona ka ho latela melimo e meng ho e sebeletsa le ho e inamela.+ Ha baa ka ba ithiba liketsong tsa bona le boitšoarong ba bona bo manganga.+