3 U tla bua le bohle ba bohlale ba nang le pelo eo ke e tlatsitseng moea oa bohlale,+ ’me ba etse liaparo tsa Arone bakeng sa ho mo halaletsa, e le hore a ka sebeletsa e le moprista oa ka.+
6 Ha e le ’na, bona! ke beha Oholiabe mora oa Ahisamake oa moloko oa Dane+ hammoho le eena, ’me pelong ea e mong le e mong ea nang le pelo e bohlale ke kenya bohlale, e le hore ruri ba etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke u laetseng eona:+