12 Joale Jehova a re ho Moshe: “Nyolohela ho ’na thabeng ’me u lule teng, kaha ke batla ho u fa matlapa a lejoe le molao le taelo tseo ke tla li ngola e le hore ke ba rute.”+
19 Kahoo eitse hang ha a fihla haufi le liahelo ’me a bona namane+ le metjeko, bohale ba Moshe ba qala ho tuka, ’me hang-hang a lahla matlapa a matsohong a hae ’me a a pshatla mosikong oa thaba.+
34Joale Jehova a re ho Moshe: “Ipetlele matlapa a mabeli a lejoe a tšoanang le a pele,+ ’me ke tla ngola holim ’a matlapa ao mantsoe a neng a le holim ’a matlapa a pele,+ ao u a pshatlileng.+