Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 20:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng kapa sebōpeho se tšoanang le ntho leha e le efe e holimo maholimong kapa e tlaase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše.+

  • Levitike 26:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 “‘Le se ke la iketsetsa melimo ea lefeela,+ ’me le se ke la ikemisetsa setšoantšo se betliloeng+ kapa tšiea e halalelang, ’me le se ke la emisa lejoe e le setšoantšo+ naheng ea lōna hore le le inamele;+ etsoe ke ’na Jehova Molimo oa lōna.

  • Deuteronoma 4:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 e le hore le se ke la etsa ka mokhoa o senyang+ ’me ruri la iketsetsa setšoantšo se betliloeng, sebōpeho se tšoantšetsang ntho leha e le efe, setšoantšo sa e motona kapa e motšehali,+

  • Deuteronoma 4:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Itebeleng hore le se ke la lebala selekane sa Jehova Molimo oa lōna seo a se hlabileng le lōna+ le hore le se ke la iketsetsa setšoantšo se betliloeng, sebōpeho sa ntho leha e le efe eo Jehova Molimo oa lōna a le laetseng malebana le eona.+

  • Deuteronoma 27:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 “‘Ho rohakoe motho ea etsang setšoantšo se betliloeng+ kapa seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa,+ ntho e manyala ho Jehova,+ ntho e entsoeng ka matsoho a ea sebetsang ka lehong le tšepe,+ ’me a e behile sebakeng se patehileng.’ (Sechaba sohle se tla araba se re, ‘Amen!’)+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela