Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 23:40
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 40 Ka letsatsi la pele le inkele litholoana tsa lifate tse ntle haholo, makhasi a lifate tsa palema+ le makala a lifate tse nang le makala le lipopoliri tsa liphula tsa melapo e phoroselang, ’me le thabe+ ka pel’a Jehova Molimo oa lōna ka matsatsi a supileng.

  • Deuteronoma 12:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Le thabe ka pel’a Jehova Molimo+ oa lōna, lōna le bara ba lōna le barali ba lōna le makhoba a lōna le makhabunyane a lōna le Molevi ea ka har’a liheke tsa lōna, hobane ha a na karolo kapa lefa hammoho le lōna.+

  • Deuteronoma 12:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Empa u tla e jella ka pel’a Jehova Molimo oa hao, sebakeng seo Jehova Molimo oa hao a tla se khetha,+ uena le mora oa hao le morali oa hao le lekhoba la hao le lekhabunyane la hao le Molevi ea ka har’a liheke tsa hao; ’me u thabe+ ka pel’a Jehova Molimo oa hao mosebetsing o mong le o mong oa hao.

  • Deuteronoma 14:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Le fane ka chelete bakeng sa eng kapa eng eo moea oa lōna o e lakatsang+ e leng likhomo le linku le lipōli le veine le joala bo tahang+ le ntho leha e le efe eo meea ea lōna e ka e batlang ho lōna; ’me le li jelle moo ka pel’a Jehova Molimo oa lōna ’me le thabe,+ lōna le malapa a lōna.

  • Pesaleme 32:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ithabeleng ho Jehova ’me le nyakalle, lōna ba lokileng;+

      Hoeletsang ka thabo, lōna bohle ba lipelo li lokileng.+

  • Pesaleme 100:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  2 Sebeletsang Jehova ka thabo.+

      Kenang ka pel’a hae ka mohoo oa nyakallo.+

  • Bafilipi 4:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Kamehla thabang Moreneng.+ Ke tla boela ke re, Le thabe!+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela