Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLILOENG
  • MEETINGS
  • Joshua 23:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 “Joale, bonang! kajeno ke tsamaea ka tsela ea lefatše lohle,+ ’me le tseba hantle ka lipelo tsa lōna tsohle le ka meea ea lōna eohle hore ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala. A phethahetse kaofela bakeng sa lōna. Ha ho lentsoe leha le le leng la ’ona le hlōlehileng ho phethahala.+

  • 1 Samuele 15:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Ntle ho moo, Mohlomphehi ea Khabane oa Iseraele+ e ke ke ea e-ba ea se nang ’nete,+ ’me A ke ke a ikoahlaea, etsoe Eena hase motho oa lefatše hoo a ka ikoahlaeang.”+

  • 1 Marena 8:56
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 56 “Ho bokoe Jehova,+ ea fileng sechaba sa hae sa Iseraele sebaka sa phomolo ho ea ka sohle seo a se tšepisitseng.+ Ha ho lentsoe+ le le leng le hlōlehileng ho phethahala la tšepiso eohle ea hae e molemo eo a e tšepisitseng ka mohlanka oa hae Moshe.+

  • Baheberu 6:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 e le hore, ka lintho tse peli tse sa fetoheng tseo ho tsona e leng ho ke keng ha khoneha hore Molimo a bue leshano,+ rōna ba balehetseng setšabelong re ka ba le khothatso e matla ea ho tšoarella tšepong+ e behiloeng ka pel’a rōna.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
Log Out
Log In
  • Sesotho (Lesotho)
  • Share
  • Lintlha Tseo U li Khethang
  • Copyright © 2022 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • JW.ORG
  • Log In
Share