Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 4:39
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 39 Le tseba hantle kajeno, ’me le hopole lipelong tsa lōna hore Jehova ke Molimo oa ’nete maholimong a holimo le lefatšeng tlaase.+ Ha ho e mong.+

  • 2 Likronike 20:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 ’me a re:+

      “Jehova Molimo oa baholo-holo+ ba rōna, na ha u Molimo maholimong,+ ’me na ha u laole mebuso eohle ea lichaba,+ ’me na ha ho na matla le bonatla letsohong la hao, hoo ho seng ea ka emang a tiile khahlanong le uena?+

  • Pesaleme 83:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 E le hore batho ba ka tseba+ hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova,+

      Uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa+ holim’a lefatše lohle.+

  • Pesaleme 135:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  6 Jehova o entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a thabetseng ho e etsa+

      Maholimong le lefatšeng, maoatleng le malibeng ’ohle.+

  • Daniele 4:35
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 35 Baahi bohle ba lefatše ba nkoa e le lefeela,+ ’me o etsa ho ea ka thato ea hae har’a makhotla a maholimo le ho baahi ba lefatše.+ Ha ho ea ka thibang letsoho la hae+ kapa ea ka reng ho eena, ‘U ne u ntse u etsa’ng?’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela