20 Jehova a tsoela pele ho re ho Arone: “U ke ke ua ba le lefa naheng ea bona, ’me u ke ke ua ba le kabelo har’a bona.+ Ke ’na kabelo ea hao le lefa la hao har’a bara ba Iseraele.+
9 Ke ka lebaka leo Levi a se nang kabelo le lefa+ hammoho le barab’abo. Jehova ke lefa la hae, feela joalokaha Jehova Molimo oa lōna a ne a mo boleletse.+
12 Le thabe ka pel’a Jehova Molimo+ oa lōna, lōna le bara ba lōna le barali ba lōna le makhoba a lōna le makhabunyane a lōna le Molevi ea ka har’a liheke tsa lōna, hobane ha a na karolo kapa lefa hammoho le lōna.+
3 Etsoe Moshe o ne a fane ka lefa la meloko e meng e ’meli le halofo e ’ngoe ea moloko ka lehlakoreng le leng la Jordane;+ ha aa ka a fa Balevi lefa har’a bona.+