Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 8:39
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 39 joale e se eka u ka utloa u le maholimong,+ sebaka sa hao se tiisitsoeng sa bolulo,+ ’me u tšoarele+ le ho nka bohato+ ’me u fe e mong le e mong ho ea ka litsela+ tsohle tsa hae, hobane u tseba pelo+ ea hae (etsoe ke uena feela ea tsebang hantle lipelo tsa bara bohle ba moloko oa batho);+

  • 1 Likronike 28:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 “Uena, mora oa ka Solomone, tseba+ Molimo oa ntat’ao ’me u mo sebeletse+ ka pelo+ e feletseng le ka moea+ o thabileng; etsoe Jehova o phenya+ lipelo tsohle, ’me o lemoha+ tšekamelo e ’ngoe le e ’ngoe ea menahano. Haeba u mo batla, o tla etsa hore u mo fumane;+ empa haeba u mo tlohela,+ o tla u lahla ka ho sa feleng.+

  • 2 Likronike 16:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Etsoe, ha e le Jehova, mahlo+ a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše+ lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo+ tsa bona li feletseng ho eena. U entse ka booatla+ mabapi le sena, etsoe ho tloha joale ho ea pele ho tla ba le lintoa khahlanong le uena.”+

  • Pesaleme 7:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  9 Ka kōpo, e se eka bobe ba ba khopo bo ka fela,+

      E se eka u ka tiisa ea lokileng;+

      Molimo e le ea lokileng+ o leka pelo+ le liphio.+

  • Liproverbia 24:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Haeba u ka re: “Bonang! Re ne re sa tsebe sena,”+ na ea lekanyang lipelo a ke ke a ho lemoha,+ ’me ea hlokomelang moea oa hao a tsebe+ ’me ka sebele a buseletse motho oa lefatše ho ea ka mosebetsi oa hae?+

  • Jeremia 17:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 ’Na, Jehova, ke hlahloba pelo,+ ke phenya liphio,+ esita le ho fa e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae,+ ho ea ka litholoana tsa mesebetsi ea hae.+

  • Liketso 1:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Eaba baa rapela ’me ba re: “Jehova, ea tsebang lipelo tsa bohle,+ bontša hore na ke ofe ho banna bana ba babeli eo u mo khethileng,

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela