Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 49:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Lere la borena le ke ke la sutha ho Juda,+ leha e le lere la molaoli pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo a tla;+ ’me lichaba li tla mo mamela.+

  • 1 Marena 8:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Jehova o phethile lentsoe+ la hae leo a neng a le buile, e le hore nka ema sebakeng sa Ntate Davida le ho lula teroneng ea Iseraele,+ feela joalokaha Jehova a ne a buile, le hore nka hahela lebitso la Jehova Molimo oa Iseraele ntlo,+

  • Pesaleme 132:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Jehova o hlapanyelitse Davida,+

      Kannete a ke ke a checha:+

      “Ho tsoang litholoaneng tsa mpa ea hao+

      Ke tla ho beha teroneng ea hao.+

  • Esaia 9:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Ho ke ke ha e-ba le bofelo+ bongateng ba puso ea bohosana+ le khotso, teroneng ea Davida+ le ’musong oa hae e le ho o tiisa ka thata+ le ho o tšehetsa ka toka+ le ka ho loka,+ ho tloha joale ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Cheseho ea Jehova oa mabotho e tla etsa sena.+

  • Esaia 11:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ho tla hlaha lekala+ kutung ea Jese;+ ’me lehlōmela+ le tla ata metsong ea hae.+

  • Matheu 21:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Ha e le bongata, bo mo eteletseng pele le bo mo latelang ba ’na ba hoeletsa: “Rea rapela,+ pholosa Mora oa Davida!+ Ho hlohonolofetse ea tlang ka lebitso la Jehova!+ Rea rapela, mo pholose bophahamong bo holimo!”+

  • Matheu 22:42
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 42 “Le nahana joang ka Kreste? Ke mora oa mang?” Ba re ho eena: “Oa Davida.”+

  • Luka 1:32
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 32 O tla ba moholo+ ’me o tla bitsoa Mora oa Ea Phahameng+ ka ho Fetisisa; Jehova Molimo o tla mo fa terone+ ea ntat’ae Davida,+

  • Johanne 7:42
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 42 Na Lengolo ha lea re Kreste o tsoa baneng ba Davida,+ le hore o tsoa Bethlehema+ motsana oo Davida a neng a le ho oona?”+

  • Liketso 2:30
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 30 Ka hona, ka lebaka la hore e ne e le moprofeta ’me a tseba hore Molimo o ne a mo hlapanyelitse ka kano hore o ne a tla lulisa ea tsoang litholoaneng tsa letheka la hae teroneng ea hae,+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela