14 Kahoo Abrame a utloa hore mor’abo o isitsoe kholehong.+ Eaba o khobokanya banna ba hae ba koetlisitsoeng,+ makhoba a makholo a mararo le leshome le metso e robeli a tsoaletsoeng ntlong ea hae,+ ’me a ba lelekisa ho fihlela Dane.+
34Joale Moshe a nyoloha lithoteng tsa lehoatata tsa Moabe a ea Thabeng ea Nebo,+ tlhōrōng ea Pisga,+ e shebaneng le Jeriko.+ Jehova a qala ho mo bontša naha eohle, Gileade ho ea fihla Dane,+
29 Ho feta moo, motse oo ba o reha lebitso la Dane ba o rehella ka lebitso la ntat’a bona, Dane,+ ea neng a tsoaletsoe Iseraele.+ Leha ho le joalo, lebitso la motse oo e ne e le Laishe pele.+
20Ka lebaka leo bara bohle ba Iseraele ba tsoa+ ’me phutheho ea phuthehela ho Jehova Mizpa,+ joaloka motho a le mong,+ ho tloha Dane+ ho fihlela Beerseba+ hammoho le naha ea Gileade.+
29 E bile feela libe tsa Jeroboame+ mora oa Nebate, tseo ka tsona a neng a entse hore Baiseraele ba sitoe,+ tseo Jehu a sa kang a kheloha ho li latela, ke hore, manamane+ a khauta ao e ’ngoe ea ’ona e neng e le Bethele ’me e ’ngoe e le Dane.+