31 Joalokaha eka e ne e le ntho e sa reng letho+ ho hang ho eena ho tsamaea libeng tsa Jeroboame+ mora oa Nebate, joale a nka Jezebele+ morali oa Ethebaale morena oa Basidone+ hore e be mosali+ oa hae ’me a qala ho ea le ho sebeletsa Baale+ le ho mo inamela.
4 Kahoo eare ha Jezebele+ a felisa baprofeta+ ba Jehova, Obadia a nka baprofeta ba lekholo ’me a ba boloka ba patiloe ka lihlopha tsa ba mashome a mahlano ka lehaheng, ’me a ba fa bohobe le metsi.)+
2 Eaba Jezebele o romela lenģosa ho Elia, o re: “E se eka melimo e ka etsa joalo,+ ’me e se eka e ka ekelletsa ho seo,+ haeba hosasane ka nako ena nke ke ka etsa hore moea oa hao o be joaloka oa e mong le e mong oa bona!”
25 Ha ho le ea mong ea neng a tšoana le Akabe,+ ea ithekisitseng bakeng sa ho etsa se sebe mahlong a Jehova, eo mosali oa hae Jezebele+ a mo susumelitseng.+