8 Ba tsoela pele ho re: “Ke mang melokong ea Iseraele ea sa kang a nyolohela ho Jehova Mizpa?”+ Bonang! Ho ne ho se le ea mong ea ileng a tla liahelong ho tsoa Jabeshe-gileade+ ho ea phuthehong.
11Nahashe Moammone+ a qala ho nyoloha ’me a hloma liahelo khahlanong le Jabeshe+ e Gileade. Eaba banna bohle ba Jabeshe ba re ho Nahashe: “Hlaba selekane le rōna e le hore re ka u sebeletsa.”+
12 Kapele-pele banna bohle ba sebete ba ema ’me ba tsamaea bosiu bohle eaba ba nka setopo sa Saule le litopo tsa bara ba hae lerakong la Bethe-shane ’me ba tla Jabeshe eaba ba li chesetsa moo.+