31 “‘Le se ke la retelehela ho ba buisanang le meea,+ ’me le se ke la batla keletso ho litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele,+ hore le silafatsoe ke tsona. Ke ’na Jehova Molimo oa lōna.
6 “‘Ha e le moea o retelehelang ho ba buisanang le meea+ le litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele+ hoo o bang le likamano tse litšila le bona, ka sebele ke tla tjamela moea oo ’me ke o felise har’a batho ba habo oona.+
7 Qetellong Saule a re ho bahlanka ba hae: “Mpatleleng mosali eo e leng nkhekhe ea ho buisana le meea,+ ’me ke tla ea ho eena ke batle keletso ho eena.” Joale bahlanka ba hae ba re ho eena: “Bona! Ho na le mosali eo e leng nkhekhe ea ho buisana le meea Ene-dore.”+
19 Haeba ba ka re ho lōna: “Botsang ba buisanang+ le meea kapa ba nang le moea oa ho bolela lintho esale pele ba llang+ joaloka nonyana ba buang ka mantsoe a tlaase,” na batho leha e le bafe ha baa lokela ho botsa Molimo oa bona?+ [Na ho tla botsoa] batho ba shoeleng molemong oa batho ba phelang?+
16 Eare ha re ntse re e-ea sebakeng sa thapelo, lekhabunyane le itseng le nang le moea,+ modemona oa bonohe,+ la re khahlanyetsa. Le ne le ruisa+ beng ba lona haholo ka ho sebelisa tsebo ea ho bolela liketsahalo esale pele.