Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 28:49
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 49 “Jehova o tla hlahisa khahlanong le uena sechaba se hōle haholo,+ ho tloha pheletsong ea lefatše, feela joalokaha ntsu e fofa,+ sechaba seo u ke keng ua utloisisa puo ea sona,+

  • Deuteronoma 29:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 e, lichaba tsohle li tla tlameha ho re, ‘Ke hobane’ng ha Jehova a entse tjee naheng ee?+ Ke hobane’ng ha ho e-na le mocheso oa bohale boo bo boholo?’

  • Deuteronoma 31:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ruri letsatsing leo bohale ba ka bo tla se tukela,+ ’me ka sebele ke tla se furalla+ ke se patele sefahleho sa ka,+ ’me se tla fetoha ntho e lokeloang ke ho timetsoa; litlokotsi tse ngata le mahlomola li tla se oela holimo,+ ’me se tla tlameha ho re letsatsing leo, ‘Na hase kahobane Molimo oa rōna a se har’a rōna re oetsoeng ke litlokotsi tsee?’+

  • Deuteronoma 32:30
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 30 Ke joang motho a le mong a ka lelekisang ba sekete,

      ’Me ba babeli ba balehisa ba likete tse leshome?+

      Ntle le hore ebe Lefika la bona le ba rekisitse+

      ’Me Jehova o nehelane ka bona.

  • 1 Marena 9:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 le ’na ke tla felisa Baiseraele naheng eo ke ba fileng eona;+ ntlo eo ke e halalelitseng bakeng sa lebitso la ka ke tla e lahla ka pel’a ka,+ ’me Iseraele e tla ba polelo ea maele+ le nyeliso har’a lichaba tsohle.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela