5 Joaloka linonyana tse fofang, ka tsela e tšoanang Jehova oa mabotho o tla sireletsa Jerusalema.+ A e sireletsa, ka sebele o tla boela a e lopolle.+ A e qenehela, o tla boela a e etse hore e phonyohe.”
4 Esita le ho isa botsofaling ba motho ’na ke Ea tšoanang;+ le ho isa bohlooho-putsoeng ba motho ke tla ’ne ke mamelle.+ Ka sebele ke tla nka bohato,+ e le hore ke nke ’me ke mamelle ’me ke pholose.+
13 Ha ho moleko o le hlahetseng haese se tloaelehileng ho batho.+ Empa Molimo oa tšepahala,+ ’me a ke ke a le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang,+ empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa+ e le hore le khone ho o mamella.