29 Eaba Molimo o tsoela pele ho re: “Bonang! ke le file limela tsohle tse behang peō tse holim ’a lefatše lohle le sefate se seng le se seng seo ho sona ho nang le litholoana tsa sefate se behang peō.+ E ke e be lijo tsa lōna.+
25 “Ka lebaka lena ke re ho lōna: Khaotsang ho tšoenyeha+ ka meea ea lōna hore na le tla ja’ng kapa le tla noa’ng, kapa ka ’mele ea lōna hore na le tla apara’ng.+ Na moea ha o bohlokoa ho feta lijo le ’mele ho feta liaparo?+
30 Joale, haeba Molimo a apesa limela tsa naha joalo, tse leng teng kajeno ’me hosasane li lahleloa ka ontong, na ho e-na le hoo a ke ke a le apesa haholo, lōna ba nang le tumelo e nyenyane?+
28 Joale, haeba Molimo a apesa joalo limela tse naheng tseo kajeno li leng teng ’me hosasane li lahleloa ka ontong, ho e-na le hoo o tla le apesa hakaakang, lōna ba nang le tumelo e nyenyane!+
16 “Etsoe Molimo o ratile+ lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora+ oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo+ ho eena a se ke a timetsoa+ empa a be le bophelo bo sa feleng.+
17 le hoja, ka sebele, a sa ka a itlohela ntle ho bopaki ka hore o ile a etsa se molemo,+ a le fa lipula+ tse tsoang leholimong le linako tse behang, a tlatsa lipelo tsa lōna ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.”+