8 Empa ha baa ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe,+ empa ba ’na ba tsamaea e mong le e mong ka manganga a lipelo tsa bona tse mpe;+ kahoo ka tlisa holim ’a bona mantsoe ’ohle a selekane sena ao ke ba laetseng hore ba a phethe, empa ha baa ka ba a phetha.’”
51 “Banna ba manganga le ba sa bollang lipelong+ le litsebeng, kamehla le hanyetsa moea o halalelang; joalokaha baholo-holo ba lōna ba ile ba etsa, le lōna le etsa joalo.+
24 Ka hona, tumellanong le litakatso tsa lipelo tsa bona, Molimo o ile a ba nehella ho se hloeke,+ e le hore ’mele+ ea bona e ka hlompholleha har’a bona,+