Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esdrase 2:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Bana e ne e le bara ba profinse+ ba ileng ba tsoa kholehong ea batho ba neng ba isitsoe kholehong+ bao Nebukadnezare morena oa Babylona a neng a ba isitse kholehong+ Babylona le bao hamorao ba ileng ba khutlela+ Jerusalema le Juda,+ e mong le e mong a khutlela motseng oa habo;

  • Pesaleme 14:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  7 Hoja Sione ho ne ho e-na le poloko ea Iseraele!+

      Ha Jehova a khutlisa baholehuoa ba sechaba sa hae,+

      Jakobo e ke e thabe, Iseraele e nyakalle.+

  • Pesaleme 53:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  6 Hoja Sione ho ne ho e-na le poloko e khōlō ea Iseraele!+

      Ha Jehova a khutlisa baholehuoa ba sechaba sa hae,+

      Jakobo e ke e thabe, Iseraele e nyakalle.+

  • Jeremia 30:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bona! ke bokella baholehuoa ba litente tsa Jakobo,+ ’me ke tla hauhela litabernakele tsa eona. Motse o tla tsosolosoa holim ’a tutulu ea oona;+ ’me tora ea bolulo e tla lula setšeng sa eona se loketseng.+

  • Jeremia 31:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng: “Ba sa ntse ba tla bolela lentsoe lena naheng ea Juda le metseng ea eona, ha ke bokella baholehuoa ba bona, ‘E se eka Jehova a ka u hlohonolofatsa,+ Uena sebaka sa bolulo se lokileng,+ Uena thaba e halalelang.’+

  • Ezekiele 39:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Joale ke tla khutlisa baholehuoa ba Jakobo+ ’me ke hauhele bohle ba ntlo ea Iseraele;+ ke tla bontša boinehelo bo khethehileng bakeng sa lebitso la ka le halalelang.+

  • Joele 3:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 “Etsoe, bonang! matsatsing ao le nakong+ eo, ha ke khutlisa baholehuoa ba Juda le Jerusalema,+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela