4 ka sebele ke tla boela ke le fe lipula ka nako ea tsona e tšoanetseng,+ ’me naha e tla fana ka lihlahisoa tsa eona,+ ’me sefate sa naha se tla fana ka litholoana+ tsa sona.
8 Jehova o tla laela hore ho be le tlhohonolofatso lipolokelong tsa hao tsa phepelo+ le mosebetsing o mong le o mong oa hao,+ ’me ka sebele o tla u hlohonolofatsa naheng eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona.
6 Ka sebele Jehova oa mabotho o tla etsetsa lichaba tsohle,+ thabeng ena,+ mokete oa lijo tse nang le oli e ngata,+ mokete oa veine e nang le litšifa, oa lijo tse nang le oli e ngata tse tletseng moko,+ oa veine+ e nang le litšifa, e tlhotliloeng.+
23 Ka sebele o tla fana ka pula bakeng sa peō ea lōna eo le e jalang mobung,+ le bohobe e le lihlahisoa tsa naha, bo tlang ho nona bo be mafura.+ Letsatsing leo liphoofolo tsa lōna tse ruiloeng li tla fula makhulong a maholo.+