Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 34:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Jehova a qala ho feta ka pel’a sefahleho sa hae ’me a re: “Jehova, Jehova, Molimo ea mohau+ le ea mosa,+ ea liehang ho halefa+ le ea tletseng mosa o lerato+ le ’nete,+

  • Numere 14:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 ‘Jehova, ea liehang ho halefa+ le ea tletseng mosa o lerato,+ ea tšoarelang phoso le tlōlo,+ empa ho hang a ke ke a lokolla kotlong,+ ea tlisang kotlo bakeng sa phoso ea bo-ntate ho bara, ho moloko oa boraro le ho moloko oa bone.’+

  • Joele 2:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Le hahole lipelo+ tsa lōna, eseng liaparo+ tsa lōna; ’me le khutlele ho Jehova Molimo oa lōna, kaha o mosa ’me o mohau,+ o lieha ho halefa+ ’me o tletse mosa o lerato,+ ’me ka sebele o tla ikutloa a soabile ka lebaka la tlokotsi.+

  • Jonase 4:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Kahoo a rapela Jehova a re: “Oho! Jehova, na see hase sona seo ke neng ke tšoenyehile ka sona, ha ke sa ntse ke le naheng ea heso? Ke ka lebaka leo ke ileng ka tsoela pele ’me ka balehela Tarshishe;+ etsoe ke ne ke tseba hore u Molimo ea mosa le ea mohau,+ ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato,+ le ea ikutloang a soabile ka lebaka la tlokotsi.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela