16 Joale le tla lokela ho nkela bara ba lōna ba bang ba barali ba bona,+ ’me ka sebele barali ba bona ba tla ba le likamano tse litšila le melimo ea bona ’me ba etse hore bara ba lōna ba be le likamano tse litšila le melimo ea bona.+
7 Kahoo ha ba sa tla hlola ba etsa mahlabelo a bona bakeng sa bademona+ ba nang le sebōpeho sa pōli bao ba bang le likamano tse litšila le bona.+ Ena e tla ba taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa lōna, melokong eohle ea lōna.”’
39 ‘E tla ba mophetho o litjellane bakeng sa lōna, ’me le tla o bona ’me le hopole litaelo+ tsohle tsa Jehova ’me le li phethe, ’me le se ke la latela lipelo tsa lōna le mahlo a lōna,+ tseo le li latelang ka likamano tse litšila.+
30 “Ka hona e-re ho ba ntlo ea Iseraele, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Na le itšilafatsa tseleng ea baholo-holo ba lōna,+ ’me le latela lintho tsa bona tse nyonyehang ka likamano tse litšila?+