-
Pesaleme 107:1-150:6Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
107 Lebohang Jehova, kaha o molemo;+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
2 Ba pholositsoeng ba Jehova ba ke ba rialo,+
Bao a ba pholositseng letsohong la mohanyetsi,+
3 Le bao a ba phuthileng linaheng,+
Ho tsoa bochaba-tsatsi le ho tsoa bophirima-tsatsi,+
Ho tsoa leboea le ho tsoa boroa.+
4 Ba ile ba lelera lefeelleng,+ lehoatateng;+
Ha baa ka ba fumana tsela leha e le efe e eang motseng oa bolulo.+
6 Ba ’na ba hoeletsa ho Jehova mahlomoleng a bona;+
A ba lopolla likhatellong tsa bona,+
7 A ba tsamaisa ka tsela e nepahetseng,+
E le hore ba ka tla motseng oa bolulo.+
8 Batho ba ke ba lebohe Jehova ka mosa oa hae o lerato+
Le ka mesebetsi ea hae e hlollang ho bara ba batho.+
10 Ho na le ba neng ba lula botšong le moriting o lefifi,+
Batšoaruoa ba leng mahlorehong le litšepeng.+
11 Etsoe ba ne ba fetohetse+ lipolelo tsa Molimo;+
Ba ne ba hlompholotse keletso+ ea Ea Phahameng ka ho Fetisisa.
13 Ba qala ho hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso mahlomoleng a bona;+
Joalokaha e le tloaelo a ba pholosa likhatellong tsa bona.+
15 Batho ba ke ba lebohe Jehova ka mosa oa hae o lerato+
Le ka mesebetsi ea hae e hlollang ho bara ba batho.+
17 Bao e neng e le maoatla, ka lebaka la litsela tsa litlōlo tsa bona+
Le ka lebaka la liphoso tsa bona, qetellong ba ile ba ipakela mahloreho.+
19 Ba qala ho hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso mahlomoleng a bona;+
Joalokaha e le tloaelo a ba pholosa likhatellong tsa bona.+
21 Batho ba ke ba lebohe Jehova ka mosa oa hae o lerato+
Le ka mesebetsi ea hae e hlollang ho bara ba batho.+
23 Ba theohelang leoatleng ka likepe,+
Ba etsang mosebetsi metsing a mangata,+
24 Ke bona ba boneng mesebetsi ea Jehova+
Le mesebetsi ea hae e hlollang malibeng;+
25 Kamoo a ntšang taelo le ho tsosa moea o matla oa sefefo,+
Hoo le phahamisang maqhubu a lona.+
27 Baa thekesela ’me ba therekela joaloka motho ea tahiloeng,+
Esita le bohlale bohle ba bona bo ferekane.+
31 Batho ba ke ba lebohe Jehova ka mosa oa hae o lerato+
Le ka mesebetsi ea hae e hlollang ho bara ba batho.+
33 O fetola linōka hore e be lefeella,+
Le metsi a phallang o a fetola mobu o nyoriloeng,+
34 Naha e behang o e fetola naha ea letsoai,+
Ka lebaka la bobe ba ba lulang ho eona.
35 O fetola lefeella hore e be letamo la metsi le nang le lehlaka,+
Le naha ea sebaka se se nang metsi o e fetola metsi a phallang.+
38 Oa ba hlohonolofatsa e le hore ba ngatafale haholo;+
Ha a lumelle likhomo tsa bona hore li fokotsehe.+
40 O tšollela nyeliso holim’a bahlomphehi,+
Hoo a etsang hore ba lelere sebakeng se se nang sebōpeho, moo ho se nang tsela.+
42 Ba lokileng baa bona ’me baa thaba;+
Empa ha e le ho se loke hohle, ho lokela ho koala molomo oa hona.+
43 Ke mang ea bohlale? O tla hlokomela lintho tsena+
A ele hloko liketso tsa Jehova tsa mosa o lerato.+
Pina. Pina ea thoriso ea Davida.
108 Pelo ea ka e tiile, Molimo.+
Ke tla bina ’me ke tsanyaole lipina tsa thoriso,+
Esita le khanya ea ka.+
3 Ke tla u roka har’a lichaba, Jehova;+
Ke tla u binela lipina tsa thoriso har’a lihlopha tsa lichaba.+
4 Etsoe mosa oa hao o lerato o moholo ho ea fihla maholimong,+
Le ’nete ea hao e khōlō ho ea fihla maholimong.+
7 Molimo o buile khalalelong ea hae:+
“Ke tla thaba, ke tla fana ka Shekeme+ e le kabelo;+
Ke tla lekanya khohlo ea Sukothe.+
8 Gileade+ ke ea ka; Manase+ ke ea ka;
Efraime ke qhobosheane ea motho oa ka ea ka sehloohong;+
Juda ke lere la ka la molaoli.+
10 Ke mang ea tla ntlisa motseng o etselitsoeng qhobosheane?+
Ke mang ea tla ntsamaisa ho ea fihla Edomo?+
Ho motsamaisi. Ea Davida. Pina ea thoriso.
109 Molimo oa thoriso ea ka,+ u se ke ua khutsa.+
2 Etsoe molomo oa ea khopo le molomo oa thetso o nkahlametse.+
Ba buile ka ’na ka leleme la leshano;+
3 Ba mpota-potile ka mantsoe a lehloeo,+
Ba ntse ba ntoantša ntle ho lebaka.+
6 Beha ea khopo hore a mo okamele,
E se eka mohanyetsi+ a ka lula a eme ka letsohong la hae le letona.
11 Ea alimanang ’me a batla tsoala a ke a chehe lifi bakeng sa sohle seo a nang le sona,+
Basele+ ba ke ba tlatlape sehlahisoa sa hae se fumanoeng ka ho sehla.+
12 E se eka ho ke ke ha e-ba le ea mo bontšang mosa o lerato,+
E se eka ho ke ke ha e-ba le ea bontšang mohau ho bashanyana ba hae ba se nang bo-ntate.
15 Li ke li be ka pel’a Jehova kamehla;+
E se eka a ka felisa ho hopoloa ha tsona lefatšeng;+
16 Ka lebaka la hore ha aa ka a hopola ho bontša mosa o lerato,+
Empa a ’na a lelekisa motho ea hlorileng le ea futsanehileng+
Le ea nyahameng pelong, hore a mo bolaee.+
17 A ’na a rata bomalimabe,+ hoo bo ileng ba mo oela holimo;+
Ha aa ka a khahloa ke tlhohonolofatso,+
Hoo e ileng ea e-ba hōle le eena;+
18 A apara bomalimabe e le seaparo sa hae.+
Kahoo ba tla ho eena joaloka metsi+
Le joaloka oli masapong a hae.
19 E se eka ho eena bo ka ba joaloka seaparo seo a ikapesang sona+
Le joaloka senyepa seo a lulang a itlamile ka sona kamehla.+
21 Empa ke uena Jehova ’Musi+ Morena.
Sebetsana le ’na ka lebaka la lebitso la hao.+
Kahobane mosa oa hao o lerato o molemo, u ntopolle.+
28 Ba ke ba phatlalatse bomalimabe,+
Empa e se eka uena u ka phatlalatsa tlhohonolofatso.+
Ba phahame, empa ba ke ba hlajoe ke lihlong,+
Mohlanka oa hao a ke a thabe.+
29 Ba nkhanyetsang ba ke ba apare ho tlotlolloa,+
Ba ikapese lihlong tsa bona feela joalokaha eka ke seaparo se se nang matsoho.+
31 Etsoe o tla ema ka letsohong le letona la mofutsana,+
Hore a mo pholose ho ba ahlolang moea oa hae.
Ea Davida. Pina ea thoriso.
110 Polelo ea Jehova ho Morena oa ka ke hore:+
“Lula ka letsohong la ka le letona+
Ho fihlela ke beha lira tsa hao joaloka setuloana sa maoto a hao.”+
2 Jehova o tla romela molamu+ oa matla a hao ho tsoa Sione,+ a re:
“Qala ho busa har’a lira tsa hao.”+
3 Batho ba hao+ ba tla itlhahisa ka ho rata+ letsatsing la lebotho la hao la sesole.+
Bokhabaneng ba khalalelo,+ ho tsoa pōpelong ea mafube,
U na le sehlopha sa bahlankana ba joaloka marotholi a phoka.+
4 Jehova o hlapantse+ (a ke ke a ikutloa a soabile):+
“U moprista ho isa nakong e sa lekanyetsoang+
Ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke!”+
5 Jehova ka letsohong la hao le letona+
Ka sebele o tla roba marena likoto letsatsing la bohale ba hae.+
6 O tla phethahatsa kahlolo har’a lichaba;+
O tla etsa hore ho tlale litopo.+
Ka sebele ea ka sehloohong holim’a naha e nang le baahi ba bangata o tla mo roba likoto.+
7 O tla noa phuleng ea molapo o phoroselang e tseleng.+
Ke ka lebaka leo a tla phahamisetsa hlooho ea hae holimo.+
א [ʼAleph]
Ke tla roka Jehova ka pelo ea ka eohle+
ב [Behth]
Sehlopheng sa metsoalle e haufi-ufi+ sa ba lokileng le phuthehong.+
ג [Gimel]
ה [Heʼ]
ז [Zayin]
ט [Tehth]
י [Yohdh]
O tla hopola selekane sa hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
כ [Kaph]
מ [Mem]
7 Mesebetsi ea matsoho a hae ke ’nete le kahlolo;+
נ [Nun]
Litaelo tsohle tseo a fanang ka tsona lia tšepahala,+
ס [Samekh]
8 Li tšehelitsoe hantle ka ho sa feleng, ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
ע [ʽAyin]
Li entsoe ka ’nete le ho loka.+
פ [Peʼ]
9 O rometse topollo ho batho ba hae.+
צ [Tsadheh]
O laetse selekane sa hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
ק [Qohph]
Lebitso la hae lea halalela ’me lea tšabeha.+
ר [Rehsh]
10 Ho tšaba Jehova ke tšimoloho ea bohlale.+
ש [Sin]
Bohle ba li phethang ba na le temohisiso e molemo.+
ת [Taw]
Thoriso ea hae e eme ka ho sa feleng.+
ג [Gimel]
2 Bana ba hae ba tla ba matla lefatšeng.+
ד [Daleth]
Ha e le moloko oa ba lokileng, o tla hlohonolofatsoa.+
ה [Heʼ]
ז[Zayin]
ט [Tehth]
כ [Kaph]
6 Etsoe ha ho nako eo ka eona a tla therekelisoa.+
ל [Lamedh]
Ea lokileng o tla hopoloa ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
מ [Mem]
ס [Samekh]
פ [Peʼ]
9 O abile ka ho pharaletseng; o file mafutsana.+
צ [Tsadheh]
Ho loka ha hae ho eme ka ho sa feleng.+
ק [Qohph]
Lenaka la hae le tla phahamisoa ka khanya.+
ר [Rehsh]
10 Ea khopo o tla bona ’me ka sebele a khathatsehe.+
ש [Shin]
O tla tsikitlanya meno ’me a fokole.+
ת [Taw]
Takatso ea ba khopo e tla fela.+
2 E se eka lebitso la Jehova le ka bokoa+
Ho tloha joale ho ea pele le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
6 O itheola boemong hore a talime leholimong le lefatšeng,+
7 O phahamisa ea tlaase lerōleng;+
O phahamisa ea futsanehileng sekoting sa molora,+
8 Ho mo lulisa le bahlomphehi,+
Le bahlomphehi ba sechaba sa hae.+
114 Ha Baiseraele ba tsoa Egepeta,+
Ntlo ea Jakobo e tsoa ho batho ba buang ka mokhoa o sa utloisiseheng,+
2 Juda e ile ea e-ba sebaka sa hae se halalelang,+
Iseraele ea e-ba sebaka sa hae se seholo se pusong ea hae.+
5 Molato e ne e le eng ka uena, leoatle, hore ebe u ile ua baleha,+
Uena Jordane, hore ebe u ile ua qala ho khutlela morao?+
6 Lōna lithaba, hore ebe le ile la qala ho tlōla-tlōla joaloka lipheleu;+
Lōna maralla, la tlōla-tlōla joaloka likonyana?+
7 Utloa bohloko bo boholo ka lebaka la Morena, Uena lefatše,+
Ka lebaka la Molimo oa Jakobo,
8 Ea fetolang lefika hore e be letamo la metsi le nang le lehlaka,+
Ea fetolang lefika le thata hore e be seliba sa metsi.+
115 Ha ho letho leo e leng la rōna, Jehova, ha ho letho leo e leng la rōna,+
Empa u tlotlise lebitso la hao+
Ho ea ka mosa oa hao o lerato, ho ea ka ’nete ea hao.+
3 Empa Molimo oa rōna o maholimong;+
O entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a ileng a thabela ho e etsa.+
4 Litšoantšo tsa bona tse rapeloang ke silevera le khauta,+
Mosebetsi oa matsoho a motho oa lefatše.+
5 Li na le melomo, empa ha li bue;+
Li na le mahlo, empa ha li bone;+
6 Li na le litsebe, empa ha li utloe.+
Li na le linko, empa ha li fofonele.+
7 Li na le matsoho, empa ha li ame.+
Li na le maoto, empa ha li tsamaee;+
Ha li ntše molumo ka ’metso ea tsona.+
12 Jehova o re hopotse; o tla hlohonolofatsa,+
O tla hlohonolofatsa ntlo ea Iseraele,+
O tla hlohonolofatsa ntlo ea Arone.+
3 Liropo tsa lefu li ile tsa mpota-pota+
Maemo a bakang mahlomola a Sheole a mphumana.+
Ka ’na ka fumana mahlomola le mesarelo.+
7 Khutlela sebakeng sa hao sa phomolo, Uena moea oa ka,+
Etsoe Jehova o u entse ka mokhoa o loketseng.+
9 Ke tla tsamaea+ ka pel’a Jehova linaheng tsa ba phelang.+
Etsoe ’na ke mohlanka oa hao.+
Ke mohlanka oa hao, mora oa lekhabunyane la hao.+
U lokolotse marapo a ka.+
18 Ke tla phetha boitlamo ba ka ho Jehova,+
E, ka pel’a batho bohle ba hae,+
19 Mabaleng a ntlo ea Jehova,+
Ka hare ho uena, Jerusalema.+
Rorisang Jah!+
2 Etsoe mosa oa hae o lerato o bile moholo ho rōna;+
’Nete+ ea Jehova e teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.
Rorisang Jah!+
118 Lebohang Jehova, kaha o molemo;+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
2 Joale Baiseraele ba ke ba re:
“Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+
3 Joale ba ntlo ea Arone ba ke ba re:+
“Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+
4 Joale ba tšabang Jehova ba ke ba re:+
“Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+
5 Ke ipilelitse ho Jah maemong a bakang mahlomola;+
Jah o ile a araba ’me a nkenya sebakeng se seholo.+
11 Tsa mpota-pota, e, tsa etsa hore ke pota-potoe.+
Ka ’na ka li boloka li le hōle ka lebitso la Jehova.
12 Tsa mpota-pota joaloka linotši;+
Tsa felisoa joaloka mollo oa lihlahla tse meutloa.+
Ka ’na ka li boloka li le hōle ka lebitso la Jehova.+
Letsoho le letona la Jehova le bonahatsa mafolofolo.+
16 Letsoho le letona la Jehova lea iphahamisa;+
Letsoho le letona la Jehova le bonahatsa mafolofolo.+
27 Jehova ke Ea Nang le Bomolimo,+
O re fa leseli.+
Khabisang mokoloko oa mokete+ ka makala,+
Ho ea fihla manakeng a aletare.+
29 Lebohang Jehova, etsoe o molemo;+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
א [ʼAleph]
ב [Behth]
ג [Gimel]
17 Etsa mohlanka oa hao ka mokhoa o loketseng, e le hore nka phela+
Le hore nka boloka lentsoe la hao.+
23 Esita le likhosana li lutse; li buisane khahlanong le ’na.+
Ha e le mohlanka oa hao, o nahanisisa ka melao ea hao ea tsamaiso.+
ד [Daleth]
27 Etsa hore ke utloisise tsela ea litaelo tsa hao,+
E le hore nka nahanisisa ka mesebetsi ea hao e hlollang.+
ה [Heʼ]
33 Jehova, u nthute ka tsela ea melao ea hao ea tsamaiso,+
E le hore nka e boloka ho fihlela qetellong.+
ו [Waw]
41 E se eka mosa oa hao o lerato o ka tla ho ’na, Jehova,+
Poloko ea hao e tle ho ’na ho ea ka polelo ea hao,+
42 E le hore nka araba ka lentsoe ea ’nyelisang,+
Etsoe ke tšepile lentsoe la hao.+
43 U se ke ua tlosa lentsoe la ’nete molomong oa ka ka ho feletseng,+
Etsoe ke letetse qeto ea hao ea boahloli.+
48 Ke tla phahamisetsa liatla tsa ka litaelong tsa hao tseo ke li ratileng,+
Ke tla nahanisisa ka melao ea hao ea tsamaiso.+
ז [Zayin]
52 Ke hopotse liqeto tsa hao tsa boahloli ho tloha nakong e sa lekanyetsoang, Jehova,+
Ke iphumanela matšeliso.+
ח [Chehth]
ט [Tehth]
69 Ba iketelletsang pele ba ’netile ka leshano.+
Ha e le ’na, ke tla boloka litaelo tsa hao ka pelo ea ka eohle.+
72 Molao+ oa molomo oa hao o molemo ho ’na,+
O molemo haholo ho feta likotoana tse likete tsa khauta le silevera.+
י [Yohdh]
73 Matsoho a hao a nkentse, ’me a ile a qala ho ntiisa.+
Etsa hore ke utloisise, e le hore nka ithuta litaelo tsa hao.+
75 Jehova, ke tseba hantle hore liqeto tsa hao tsa boahloli li lokile+
Le hore u ntlhorisitse ka botšepehi.+
76 Ka kōpo, e se eka mosa oa hao o lerato o ka ntšelisa,+
Ho ea ka polelo ea hao ho mohlanka oa hao.+
78 Ba iketelletsang pele ba hlajoe ke lihlong, etsoe ba nkhelositse ntle ho lebaka.+
Ha e le ’na, ke nahanisisa ka litaelo tsa hao.+
80 Pelo ea ka e be e se nang molato melaong ea hao ea tsamaiso,+
E le hore ke tle ke se ke ka hlajoa ke lihlong.+
כ [Kaph]
ל [Lamedh]
90 Botšepehi ba hao bo teng ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+
U tiisitse lefatše, e le hore le ka lula le eme.+
91 Ho ea ka liqeto tsa hao tsa boahloli ba eme ho fihlela kajeno,+
Etsoe ke bahlanka ba hao kaofela.+
93 Nke ke ka lebala litaelo tsa hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
Etsoe u mpolokile ke phela ka tsona.+
95 Ba khopo ba letetse ’na, hore ba ntimetse.+
Ke ntse ke iponahatsa ke ela hloko likhopotso tsa hao.+
מ [Mem]
98 Taelo ea hao e ntlhalefisa ho feta lira tsa ka,+
Kahobane ke ea ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
99 Ke na le temohisiso e fetang ea mesuoe eohle ea ka,+
Kahobane ke nahanisisa ka likhopotso tsa hao.+
101 Ke thibile maoto a ka tseleng e ’ngoe le e ’ngoe e mpe,+
Ka morero oa hore ke boloke lentsoe la hao.+
103 Lipolelo tsa hao e bile tse thellang hakaakang mahalapeng a ka,
Ho feta mahe a linotši molomong oa ka!+
104 Ke itšoara ka kutloisiso ka lebaka la litaelo tsa hao.+
Ke ka lebaka leo ke hloileng tsela e ’ngoe le e ’ngoe ea bohata.+
נ [Nun]
108 Jehova, ka kōpo u khahlisoe ke linyehelo tsa boithaopo tsa molomo oa ka,+
U nthute liqeto tsa hao tsa boahloli.+
111 Ke nkile likhopotso tsa hao e le leruo ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
Etsoe ke thabo e khaphatsehang ea pelo ea ka.+
112 Ke entse hore pelo ea ka e sekamele ho phetheng melao ea hao ea tsamaiso+
Ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ho fihlela qetellong.+
ס [Samekh]
116 Ntšehetse ho ea ka polelo ea hao, e le hore nka lula ke phela,+
U se ke ua ntlhabisa lihlong bakeng sa tšepo ea ka.+
118 U hasantse bohle ba khelohang melaong ea hao ea tsamaiso;+
Etsoe ho qhekella ha bona ke leshano.+
119 U felisitse bohle ba khopo ba lefatše joaloka manya a okolehang.+
Ka hona ke ratile likhopotso tsa hao.+
120 Nama ea ka e bile le boikutlo bo sisimosang ka lebaka la ho u tšaba;+
Ke tšohile ka lebaka la liqeto tsa hao tsa boahloli.+
ע [ʽAyin]
122 Ipehe paneng bakeng sa mohlanka oa hao bakeng sa se molemo.+
E se eka ba iketelletsang pele ba ke ke ba nketsetsa bolotsana.+
128 Ke ka lebaka leo ke nkileng litaelo tsohle tsa hao mabapi le lintho tsohle e le tse nepahetseng;+
Ke hloile tsela e ’ngoe le e ’ngoe ea bohata.+
פ [Peʼ]
132 Retelehela ho ’na ’me u mpontše mohau,+
Ho ea ka qeto ea hao ea boahloli ho ba ratang lebitso la hao.+
133 Tiisa mehato ea ka polelong ea hao,+
E se eka ho ke ke ha e-ba le mofuta oa ntho e kotsi e ka nkhatellang.+
צ [Tsadheh]
144 Ho loka ha likhopotso tsa hao ho teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
Etsa hore ke utloisise, e le hore nka lula ke phela.+
ק [Qohph]
147 Ke tsohile esale hoseng ka meso,+ e le hore nka hoeletsa ho kōpa thuso.+
Ke letetse mantsoe a hao.+
149 U utloe lentsoe la ka ho ea ka mosa oa hao o lerato.+
Jehova, u mpoloke ke phela ho ea ka qeto ea hao ea boahloli.+
152 Ke tsebile tse ling tsa likhopotso tsa hao khale,+
Etsoe u li thehile ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
ר [Rehsh]
160 Boleng ba lentsoe la hao ke ’nete,+
Qeto e ’ngoe le e ’ngoe ea hao ea boahloli e lokileng e teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
ש [Sin] kapa [Shin]
Feela joalokaha motho a thaba ka ho fetisisa ha a fumana thepa e ngata e hapuoeng.+
164 Ke u rorisitse ka makhetlo a supileng ka letsatsi+
Ka lebaka la liqeto tsa hao tsa boahloli tse lokileng.+
168 Ke bolokile litaelo tsa hao le likhopotso tsa hao,+
Etsoe litsela tsohle tsa ka li ka pel’a hao.+
ת [Taw]
169 E se eka mohoo oa ka oa kōpo e tiileng o ka atamela ka pel’a hao, Jehova.+
Ho ea ka lentsoe la hao, u etse hore ke utloisise.+
171 E se eka molomo oa ka o ka bua ka thoriso o sa khaotse,+
Etsoe u nthuta melao ea hao ea tsamaiso.+
175 E se eka moea oa ka o ka lula o phela ’me o u rorisa,+
E se eka liqeto tsa hao tsa boahloli li ka nthusa.+
176 Ke hlahlathetse joaloka nku e lahlehileng.+ Batla mohlanka oa hao,+
Etsoe ha kea lebala litaelo tsa hao.+
Pina ea Methati.
5 Ho malimabe ’na, etsoe ke lutse ke le mojaki Mesheke!+
Ke lutse ka nakoana hammoho le litente tsa Kedare.+
Pina ea Methati.
8 Jehova o tla lebela ho tsoa ha hao le ho kena ha hao+
Ho tloha joale ho ea pele le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
Pina ea Methati. Ea Davida.
3 Jerusalema e hahiloe joaloka motse+
O kopantsoeng hammoho bonngoeng,+
4 Oo meloko e nyolohetseng ho oona,+
Meloko ea Jah,+
E le khopotso ho Iseraele+
Hore e lebohe lebitso la Jehova.+
7 E se eka khotso e ka tsoela pele ka har’a ’mōtōmōtō oa hao,+
Ho se be matšoenyehong ho tsoele pele ka har’a litora tsa hao tsa bolulo.+
8 Joale ke tla bua molemong oa barab’eso le metsoalle ea ka:+
“E se eka ho ka ba le khotso ka hare ho uena.”+
Pina ea Methati.
2 Bonang! Joalokaha mahlo a bahlanka a lebile matsohong a beng ba bona,+
Joalokaha mahlo a lekhabunyane a lebile letsohong la mong’a lona oa mosali,+
Ka ho tšoanang mahlo a rōna a lebile ho Jehova Molimo oa rōna+
Ho fihlela a re bontša mohau.+
4 Moea oa rōna o khotše haholo ke ho fetoloa litšeho ke ba lutseng ka boiketlo,+
Ke ho nyelisoa ke baikakasi.+
Pina ea Methati. Ea Davida.
124 Joale Baiseraele ba ke ba re,+
“Hoja e ne e se hore Jehova o bile le rōna,+
2 Hoja e ne e se hore Jehova o bile le rōna+
Ha batho ba re tsohetse matla,+
3 Joale ba ka be ba re metsitse re ntse re phela,+
Ha bohale ba bona bo ne bo re tukela.+
7 Meea ea rōna e joaloka nonyana e phonyohileng+
Sefing sa ba chehang.+
Sefi se robehile,+
Re phonyohile.+
Pina ea Methati.
Ba joaloka Thaba ea Sione,+ e ke keng ea sisinngoa, empa e lulang ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
2 Jerusalema—joalokaha lithaba li e pota-potile ka hohle,+
Ka ho tšoanang Jehova o pota-potile batho ba hae ka hohle+
Ho tloha joale ho ea pele le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
3 Etsoe lere la borena la bokhopo le ke ke la lula+ holim’a karolo e abetsoeng ba lokileng,
E le hore ba lokileng ba se ke ba otlollela matsoho holim’a phoso leha e le efe.+
5 Ha e le ba khelohelang litseleng tsa bona tse khopameng,+
Jehova o tla etsa hore ba tsamaee le ba tloaetseng ho etsa se kotsi.+
Ho tla ba le khotso Iseraele.+
Pina ea Methati.
2 Nakong eo melomo ea rōna ea tlala litšeho,+
Maleme a rōna a tlala mohoo oa thabo.+
Nakong eo ba ile ba re har’a lichaba:+
“Jehova o entse ntho e khōlō ka seo a se entseng ho bona.”+
6 Ea tsamaeang, a bile a lla,+
A nkile mokotla o tletseng peō,+
Ruri o tla kena ka mohoo oa thabo,+
A nkile mangata a hae.+
Pina ea Methati. Ea Solomone.
127 Ntle le haeba Jehova a haha ntlo,+
Ke ha lefeela lihahi tsa eona li sebelitseng ka thata ho eona.+
Ntle le haeba Jehova a lebela motse,+
Ke ha lefeela molebeli a lutseng a falimehile.+
2 Ke ha lefeela hore ebe le tsoha hoseng,+
Hore ebe le lula fatše nako e se e ile,+
Hore ebe le ja lijo ka bohloko.+
O fa moratuoa oa hae boroko feela joalo.+
5 Ho thaba monna ea shahlileng ea tlatsitseng+ khohlopo ea hae ka bona.
Ba ke ke ba hlajoa ke lihlong,+
Etsoe ba tla bua le lira hekeng.
Pina ea Methati.
2 Etsoe u tla ja seo u se sehletseng ka thata ka matsoho a hao.+
U tla thaba ’me lintho li tla u tsamaela hantle.+
3 Mosali oa hao o tla ba joaloka sefate sa morara se behang litholoana+
Likarolong tse ka hare-hare tsa ntlo ea hao.
Bara ba hao ba tla ba joaloka mahlōmela a lifate tsa mohloaare+ ho pota-pota tafole ea hao ka hohle.
5 Jehova o tla u hlohonolofatsa ho tsoa Sione.+
Hape bona molemo oa Jerusalema matsatsing ’ohle a bophelo ba hao,+
6 U bone bara ba bara ba hao.+
E se eka ho ka ba le khotso Iseraele.+
Pina ea Methati.
129 Joale Baiseraele ba ke ba re,+
“Ba bontšitse bora ho ’na halelele ka ho lekaneng ho tloha bocheng ba ka,+
2 Ba bontšitse bora ho ’na halelele ka ho lekaneng ho tloha bocheng ba ka;+
Empa leha ho le joalo ha baa ntlhōla.+
6 Ba tla ba joaloka joang bo botala ba marulelo,+
Bo omeletseng pele bo fotholoa,+
7 Boo mokotuli a sa bo tlatsang letsoho la hae,+
Kapa leha e le mang ea bokellang mangata a sa bo tlatsang sefuba sa hae.
8 Leha e le hore ba fetang ba itse:
“Tlhohonolofatso ea Jehova e be holim’a lōna.+
Re le hlohonolofalitse ka lebitso la Jehova.”+
Pina ea Methati.
130 Ke ipilelitse ho uena, Jehova, ke le bolibeng.+
2 Jehova, u utloe lentsoe la ka.+
E se eka litsebe tsa hao li ka mamelisisa lentsoe la likōpo tsa ka tse tiileng.+
6 Moea oa ka o letetse Jehova+
Ho feta balebeli ba letetseng hore e be hoseng,+
Ba lebeletseng hoseng.+
7 Baiseraele ba ’ne ba letele Jehova.+
Etsoe ho na le mosa o lerato ho Jehova,+
Ho na le topollo e ngata ho eena.+
8 O tla lopolla Baiseraele liphosong tsohle tsa bona.+
Pina ea Methati. Ea Davida.
131 Jehova, pelo ea ka ha ea ikhohomosa,+
Leha e le hore mahlo a ka a iphahamisitse;+
Kapa ke tsamaile linthong tse khōlō haholo,+
Kapa linthong tse hlollang haholo ho ’na.+
2 Ka sebele ke tšelisitse ’me ke khutsisitse moea oa ka+
Joaloka ngoana ea sa tsoa khoesoa ha a le ho ’m’ae.+
Ho ’na moea oa ka o joaloka ngoana ea sa tsoa khoesoa.+
Pina ea Methati.
132 Jehova, malebana le Davida+
U hopole ho tlotlolloa hohle ha hae;+
3 “Nke ke ka kena ka tenteng ea ntlo ea ka.+
Nke ke ka ea setulong se kang moalo sa liphate tsa ka tse ntle,+
4 Nke ke ka fa mahlo a ka boroko,+
Kapa ka etsa hore mahlo a ka a khanyang a otsele,+
5 Ho fihlela ke fumanela Jehova sebaka,+
Tabernakele e khōlō bakeng sa Ea Matla oa Jakobo.”+
11 Jehova o hlapanyelitse Davida,+
Kannete a ke ke a checha:+
“Ho tsoang litholoaneng tsa mpa ea hao+
Ke tla ho beha teroneng ea hao.+
12 Haeba bara ba hao ba tla boloka selekane sa ka+
Le likhopotso tsa ka tseo ke tla ba ruta tsona,+
Le bara ba bona ka ho sa feleng+
Ba tla lula holim’a terone ea hao.”+
17 Ke tla etsa hore lenaka la Davida le hōle moo.+
Ke hlophisitse lebone bakeng sa motlotsuoa oa ka.+
Pina ea Methati. Ea Davida.
133 Bonang! Kamoo ho leng hotle le kamoo ho khahlisang kateng
Ha bara ba motho ba lula hammoho bonngoeng!+
2 Ho joaloka oli e ntle holim’a hlooho,+
E theohelang litelung,
Litelung tsa Arone,+
E theohelang molaleng oa liaparo tsa hae.+
3 Ho joaloka phoka+ ea Hermone+
E theohelang holim’a lithaba tsa Sione.+
Etsoe Jehova o laetse hore tlhohonolofatso e be moo,+
Esita le bophelo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
Pina ea Methati.
Rorisang lebitso la Jehova,+
Fanang ka thoriso, Lōna bahlanka ba Jehova,+
2 Lōna ba emang ka tlung ea Jehova,+
Mabaleng a ntlo ea Molimo oa rōna.+
3 Rorisang Jah, etsoe Jehova o molemo.+
Binelang lebitso la hae lipina tsa thoriso, etsoe lea khahlisa.+
6 Jehova o entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a thabetseng ho e etsa+
Maholimong le lefatšeng, maoatleng le malibeng ’ohle.+
7 O nyolla mouoane pheletsong ea lefatše;+
O entse mekoallo ea metsi bakeng sa pula;+
O hlahisa moea matlong a hae a polokelo,+
8 Eena ea bolaileng matsibolo a Egepeta,+
A batho le a liphoofolo.+
9 O ile a romela lipontšo le mehlolo ka hare ho uena, Egepeta,+
Holim’a Faro le holim’a bahlanka bohle ba hae;+
10 Eena ea ileng a bolaea lichaba tse ngata+
A bolaea marena a matla,+
11 Esita le Sihone morena oa Baamore+
Le Oge morena oa Bashane+
Le mebuso eohle ea Kanana,+
12 Le ea ileng a fana ka naha ea tsona e le lefa,+
Lefa ho sechaba sa hae sa Iseraele.+
13 Jehova, lebitso la hao le teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
Jehova, sehopotso sa hao se teng ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+
14 Etsoe Jehova o tla buella nyeoe ea batho ba hae,+
O tla ikutloa a soabile ka lebaka la bahlanka ba hae.+
15 Litšoantšo tse rapeloang tsa lichaba ke silevera le khauta,+
Mosebetsi oa matsoho a motho oa lefatše.+
16 Li na le melomo, empa ha li bue letho;+
Li na le mahlo, empa ha li bone letho;+
17 Li na le litsebe, empa ha li utloe letho.+
Hape ha ho na moea melomong ea tsona.+
136 Lebohang Jehova, etsoe o molemo:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
4 Ea Etsang lintho tse hlollang, tse khōlō a le mong:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
5 Ea etsang maholimo ka kutloisiso:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
6 Ea alang lefatše holim’a metsi:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
8 Esita le letsatsi hore le laole motšehare:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
9 Khoeli le linaleli bakeng sa ho laola bosiu li kopane:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
10 Ea bolaeang matsibolo a Egepeta:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
11 Le Ea ntšang Baiseraele ka har’a bona:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
12 Ka letsoho le matla le ka letsoho le otlolohileng:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;
13 Ea arohanyang Leoatle le Lefubelu likoto:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
14 Le ea ileng a fetisa Baiseraele bohareng ba lona:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
15 Le ea ileng a lihela Faro le lebotho la hae la sesole ka Leoatleng le Lefubelu:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
16 Ea tsamaisang batho ba hae ho pholletsa le lefeella:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
17 Ea bolaeang marena a maholo:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
18 Le ea ileng a bolaea marena a hlomphehang:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
19 Esita le Sihone morena oa Baamore:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
21 Le ea ileng a fana ka naha ea bona e le lefa:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
22 Lefa ho mohlanka oa hae Iseraele:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
23 Ea ileng a re hopola boemong ba rōna bo tlaase:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
24 Le eo khafetsa a ileng a re tlosa ho bahanyetsi ba rōna:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+
26 Lebohang Molimo oa maholimo:+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
3 Etsoe ba re tšoereng re le baholehuoa ba ile ba re kōpa mantsoe a pina moo,+
Ba re somang—ba re kōpa hore re ba thabise:+
“Re bineleng e ’ngoe ea lipina tsa Sione.”+
6 Leleme la ka le ke le khomarele mahalapeng a ka,+
Haeba nke ke ka u hopola,+
Haeba nke ke ka etsa hore Jerusalema e phahamele
Ka holim’a lebaka la ka la sehlooho la ho thaba.+
7 Jehova, mabapi le bara ba Edomo,+ u hopole+ letsatsi la Jerusalema,+
Ba neng ba re: “E pepeseng! E pepeseng ho fihlela motheong o ka har’a eona!”+
8 Uena morali oa Babylona, ea lokelang ho tlatlapuoa,+
Ho tla thaba ea u putsang+
Ka tšoaro ea hao eo u ileng ua re tšoara ka eona.+
Ea Davida.
2 Ke tla inamela nģ’a tempele ea hao e halalelang,+
Ke tla roka lebitso la hao,+
Ka lebaka la mosa oa hao o lerato+ le ka lebaka la ’nete ea hao.+
Etsoe u hōlisitse polelo+ ea hao esita le ka holim’a lebitso lohle la hao.+
3 Letsatsing leo ke hoelelitseng ka lona, ua boela ua nkaraba;+
Ua qala ho etsa hore ke be sebete moeeng ka matla.+
6 Etsoe Jehova o phahame, leha ho le joalo o bona ea ikokobetsang;+
Empa ea iphahamisang o mo tsebella hōle.+
7 Haeba nka tsamaea har’a mahlomola, u tla mpoloka ke phela.+
U tla otlolla letsoho la hao ka lebaka la bohale ba lira tsa ka,+
Letsoho la hao le letona le tla mpholosa.+
8 Jehova o tla phetha se molemong oa ka.+
Jehova, mosa oa hao o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
U se ke ua lahla mesebetsi ea matsoho a hao.+
Bakeng sa motsamaisi. Ea Davida. Pina ea thoriso.
139 Jehova, u ntlhahlobisisitse ka hohle, ’me ua ntseba.+
5 Ka morao le ka pele, u ntika-tikelitse;
U beha letsoho la hao holim’a ka.
8 Haeba ke ne nka nyolohela leholimong, u ne u tla ba teng;+
Haeba ke ne nka phutholla setulo sa ka se kang bethe Sheole, bona! u ne u tla ba teng.+
9 Haeba ke nka mapheo+ a mafube,
E le hore nka lula leoatleng le hōle ka ho fetisisa,+
10 Le moo, letsoho la hao le ne le tla ntsamaisa+
Letsoho la hao le letona le ne le tla ntšoara.+
11 Ha ke ne nka re: “Ka sebele lefifi le tla ntšoara ka potlako!”+
Joale bosiu e ne e tla ba leseli ho mpotoloha.+
12 Esita le lefifi le ne le ke ke la e-ba letšo haholo ho uena,+
Empa bosiu bo ne bo tla khanya feela joaloka motšehare;+
Lefifi le ne le ka ba feela joaloka leseli.+
14 Ke tla u roka hobane ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang.+
Mesebetsi ea hao ea hlolla,+
Joalokaha moea oa ka o hlokomela hantle haholo.+
15 Masapo a ka a ne a sa pateha ho uena+
Ha ke etsoa sephiring,+
Ha ke lohuoa likarolong tse tlaase-tlaase+ tsa lefatše.
16 Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tsoa emoloa,+
Likarolo tsohle tsa lona tsa ngoloa fatše bukeng ea hao,
Mabapi le matsatsi ao li ileng tsa bōptjoa ka ’ona+
Ho ne ho e-s’o be le e ’ngoe har’a tsona.
17 Kahoo, menahano ea hao ke ea bohlokoa hakaakang ho ’na!+
Molimo, kakaretso e feletseng ea eona e kaakang!+
18 Ha ke ne nka leka ho e bala, e mengata le ho feta lehlabathe.+
Ke tsohile, leha ho le joalo ke sa ntse ke e-na le uena.+
19 Molimo, hoja u ne u ka bolaea ea khopo!+
Joale ka sebele esita le batho ba nang le molato oa mali+ ba tla tloha ho ’na,
20 Ba buang lintho ka uena ho ea ka likhopolo tsa bona;+
Ba sebelisitse lebitso la hao ka tsela eo e seng ea bohlokoa+—bahanyetsi ba hao.+
23 Mpatlisise ka hohle, Molimo, ’me u tsebe pelo ea ka.+
Ntlhahlobe, ’me u tsebe menahano ea ka e ntlhokisang botsitso,+
24 U bone hore na ho na le tsela leha e le efe e bohloko ka ho ’na,+
U ntsamaise tseleng+ ea nako e sa lekanyetsoang.
Bakeng sa motsamaisi. Pina ea thoriso ea Davida.
140 Jehova, u mpholose ho batho ba babe;+
E se eka u ka ntšireletsa le ho motho oa liketso tse mabifi,+
2 Ba rerileng lintho tse mpe ka lipelong tsa bona,+
Bao letsatsi lohle ba ntseng ba hlasela joalokaha eka ke lintoeng.+
3 Ba leolitse maleme a bona joaloka la noha;+
Mahloko a marabe ea linaka a ka tlas’a melomo ea bona.+ Selah.
4 Jehova, u mphemise matsoho a ea khopo;+
E se eka u ka ntšireletsa ho motho oa liketso tse mabifi,+
Ba rerileng ho nkhothometsa mehatong ea ka.+
5 Ba iphahamisang ba mpatetse sefi;+
Ba alile liropo joaloka letlooa lehlakoreng la tsela.+
Ba nchehetse maraba.+ Selah.
7 Jehova ’Musi Morena,+ matla a poloko ea ka,+
U sirelelitse hlooho ea ka letsatsing la lebotho le hlometseng.+
8 Jehova, u se ke ua phethahatsa litakatso tsa ea khopo.+
U se ke ua ntšetsa pele morero oa hae o mobe, e le hore ba se ke ba phahamisoa.+ Selah.
10 E se eka mashala a tukang a ka akheloa holim’a bona.+
Ba liheloe ka mollong,+ ka likoting tse nang le metsi, e le hore ba se ke ba tsoha.+
11 Ea buang haholo—a se ke a tiisoa ka thata lefatšeng.+
Motho ea mabifi—bobe bo mo tsome ka litlhaselo tse pheta-phetoang.+
13 Ka sebele ba lokileng ba tla leboha lebitso la hao;+
Ba lokileng ba tla lula ka pel’a sefahleho sa hao.+
Pina ea thoriso ea Davida.
141 Jehova, ke ipilelitse ho uena.+
U potlakele ho ’na.+
U mamele lentsoe la ka ha ke hoeletsa ho uena.+
2 E se eka thapelo ea ka e ka lokisoa joaloka libano+ ka pel’a hao,+
Ho phahama ha liatla tsa ka ho lokisoe joaloka nyehelo ea lijo-thollo ea shoalane.+
4 U se ke ua sekamisetsa pelo ea ka nthong leha e le efe e mpe,+
Hore ke etse liketso tse tummeng hampe ka bokhopo+
Hammoho le batho ba tloaetseng ho etsa se kotsi,+
E le hore ke se ke ka ja lintho tsa bona tse monate.+
5 Ha ea lokileng a ka nkotla, e ne e tla ba mosa o lerato;+
Ha a ka nkhalemela, e ne e tla ba oli holim’a hlooho,+
Eo hlooho ea ka e neng e ke ke ea e hana.+
Etsoe ho ne ho ntse ho tla ba le thapelo ea ka litlokotsing tsa bona.+
6 Baahloli ba bona ba lihetsoe fatše mahlakoreng a mafika,+
Empa ba utloile lipolelo tsa ka, hore lia khahlisa.+
8 Leha ho le joalo, mahlo a ka a lebile ho uena,+ Jehova ’Musi Morena.+
Ke tšabetse ho uena.+
U se ke ua tšolla moea oa ka.+
9 Mphemise ho tsepareloeng ke sefi seo ba nchehetseng sona+
Le marabeng a ba tloaetseng ho etsa se kotsi.+
Maskile. Ea Davida, ha a le ka lehaheng.+ Thapelo.
142 Ka lentsoe la ka, ke ile ka hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso;+
Ka lentsoe la ka, ka qala ho kōpa hore Jehova a mpontše mohau.+
2 Ka ’na ka tšollela ho tšoenyeha ha ka ka pel’a hae;+
Ka tsoela pele ho bolela mahlomola a ka ka pel’a hae,+
3 Ha moea+ oa ka o tepeletse ka hare ho ’na.
Joale u ne u tseba tsela ea ka.+
Ba mpatetse sefi+
Tseleng eo ke tsamaeang ho eona.+
4 Talima ka letsohong le letona ’me u bone
Hore ha ho ea nkelang hloko.+
Sebaka seo ke balehelang ho sona se ntšenyehetse;+
Ha ho ea botsang ka moea oa ka.+
6 U ele hloko mohoo oa ka oa kōpo e tiileng,+
Etsoe ke futsanehile haholo.+
Ntopolle ho bahlorisi ba ka,+
Etsoe ba matla ho mpheta.+
7 U ntše moea oa ka chankaneng e ka tlas’a mohaho+
E le ho roka lebitso la hao.+
Ba lokileng ba ke ba mpokanele,+
Kahobane u sebetsana le ’na ka mokhoa o loketseng.+
Pina ea thoriso ea Davida.
143 Jehova, utloa thapelo ea ka;+
U mamele kōpo ea ka e tiileng.+
Botšepehing ba hao u nkarabe ka ho loka ha hao.+
2 U se ke ua kena kahlolong le mohlanka oa hao;+
Etsoe ha ho ea phelang eo e ka bang ea lokileng ka pel’a hao.+
3 Etsoe sera se lelekisitse moea oa ka;+
Se sithabelitse bophelo ba ka lefatšeng.+
Se entse hore ke lule libakeng tse lefifi joaloka ba shoeleng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
4 Moea oa ka+ oa tepella ka hare ho ’na;
Pelo ea ka e iponahatsa e feletsoe ke matla ka hare ho ’na.+
5 Ke hopotse matsatsi a khale;+
Ke thuisitse ka mosebetsi oohle oa hao;+
Ka ho rata ke ’nile ka nahanisisa ka mosebetsi oa matsoho a hao.+
7 Potlaka, u nkarabe, Jehova.+
Moea oa ka o felile.+
U se ke ua mpatela sefahleho sa hao,+
Ho seng joalo ke tla tšoana le ba theohelang ka sekoting.+
8 Etsa hore ke utloe mosa oa hao o lerato hoseng,+
Etsoe ke u tšepile.+
Ntsebise tsela eo ke lokelang ho tsamaea ka eona,+
Etsoe ke phahamiselitse moea oa ka ho uena.+
10 Nthute ho etsa thato ea hao,+
Etsoe u Molimo oa ka.+
Moea oa hao o molemo;+
E se eka o ka ntsamaisa naheng ea ho loka.+
11 Ka lebaka la lebitso la hao,+ Jehova, e se eka u ka mpoloka ke phela.+
E se eka u ka ntša moea oa ka mahlomoleng+ ka ho loka ha hao.+
12 E se eka moseng oa hao o lerato u ka khutsisa lira tsa ka;+
U timetse bohle ba bontšang bora ho moea oa ka,+
Etsoe ’na ke mohlanka oa hao.+
Ea Davida.
144 Ho bokoe Jehova Lefika la ka,+
Ea rutang matsoho a ka ho loana,+
Ea rutang menoana ea ka ntoa;
2 Mosa oa ka o lerato le qhobosheane ea ka,+
Sebaka sa ka se phahameng sa tšireletso le Mopholosi oa ka,+
Thebe ea ka+ le Eo ke tšabetseng ho eena,+
Ea kokobetsang lichaba tlas’a ka.+
7 Otlolla matsoho a hao u le sebakeng se phahameng;+
Ntokolle ’me u ntopolle metsing a mangata,+
Matsohong a basele,+
8 Bao melomo ea bona e buileng seo e seng ’nete+
Le bao matsoho a bona a matona e leng matsoho a matona a leshano.+
9 Molimo, ke tla u binela pina e ncha.+
Ke tla u binela lipina tsa thoriso ka seletsa sa likhoele tse leshome,+
10 Uena Ea fanang ka poloko ho marena,+
Ea lokollang mohlanka oa hae Davida saboleng e kotsi.+
11 Ntokolle ’me u ntopolle matsohong a basele,+
Bao melomo ea bona e buileng seo e seng ’nete+
Le bao matsoho a bona a matona e leng matsoho a matona a leshano,+
12 Ba reng: “Bara ba rōna ba joaloka limela tse nyenyane tse hōlileng bocheng ba tsona,+
Barali ba rōna ba joaloka likhutlo tse betliloeng ka mokhoa oa ntlo ea ’muso,
13 Meliko ea rōna e tletse, e hlahisa lihlahisoa tsa mofuta o mong ka mor’a o mong,+
Mehlape ea rōna e ata ka likete, likete tse leshome ho o le mong, literateng tsa rōna,
14 Likhomo tsa rōna li imetsoe, ha li phatlohe ’me ha li folotse,+
Ha ho na mohoo mapatlelong a rōna.+
15 Ho thaba batho bao ho bona ho leng feela joalo!”
Ho thaba batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!+
Thoriso, ea Davida.
א [ʼAleph]
145 Ke tla u phahamisa, Morena Molimo oa ka,+
Ke tla boka lebitso la hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.+
ב [Behth]
2 Ke tla u boka letsatsi lohle,+
Ke tla rorisa lebitso la hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.+
ג [Gimel]
ד [Daleth]
4 Moloko o mong ka mor’a o mong o tla babatsa mesebetsi ea hao,+
O tla bolela liketso tsa hao tse matla.+
ה [Heʼ]
5 Ke tla nahanisisa ka bokhabane bo khanyang ba ho hlompheha ha hao+
Le litaba tsa mesebetsi ea hao e hlollang.+
ו [Waw]
ז [Zayin]
7 Ba tla bua ba sa khaotse ka molemo oa hao o mongata,+
Ba tla hoeletsa ka thabo ka lebaka la ho loka ha hao.+
ח [Chehth]
ט [Tehth]
י [Yohdh]
כ [Kaph]
12 Hore ba tsebise bara ba batho liketso tsa hae tse matla+
Le khanya ea bokhabane ba borena ba hae.+
מ [Mem]
13 Borena ba hao ke borena ho isa linakong tsohle tse sa lekanyetsoang,+
Puso ea hao e pholletsa le meloko eohle e latellanang.+
ס [Samekh]
ע [ʽAyin]
פ [Peʼ]
צ [Tsadheh]
ק [Qohph]
ר [Rehsh]
19 O tla khotsofatsa takatso ea ba mo tšabang,+
O tla utloa mohoo oa bona o kōpang thuso, ’me o tla ba pholosa.+
ש [Shin]
ת [Taw]
21 Molomo oa ka o tla bolela thoriso ea Jehova;+
Nama eohle e boke lebitso la hae le halalelang ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.+
2 Ke tla rorisa Jehova ha ke sa ntse ke phela.+
Ke tla binela Molimo oa ka lipina tsa thoriso hafeela ke ntse ke le teng.+
4 Moea oa hae oa tsoa,+ eena o khutlela lerōleng la hae;+
Ka letsatsi leo menahano ea hae ea timela.+
5 Ho thaba eo Molimo oa Jakobo e leng thuso ea hae,+
Eo tšepo ea hae e leng ho Jehova Molimo oa hae,+
6 Moetsi oa leholimo le lefatše,+
Oa leoatle, le oa tsohle tse ho tsona,+
Ea bolokang ’nete ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
7 Ea phethisang kahlolo bakeng sa ba etselitsoeng bolotsana,+
Ea fang ba lapileng bohobe.+
Jehova o lokolla ba tlamiloeng.+
O imolla moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali,+
10 Jehova e tla ba morena ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
Molimo oa hao, Uena Sione, e be morena ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+
Rorisang Jah!+
Etsoe ke ntho e ntle ho binela Molimo oa rōna lipina tsa thoriso;+
Etsoe ke ho khahlisang—thoriso e loketse.+
7 Arabelang Jehova ka liteboho;+
Binelang Molimo oa rōna lipina tsa thoriso ka harepa,+
8 Eena Ea koahelang maholimo ka maru,+
Ea lokisang pula bakeng sa lefatše,+
Ea etsang hore lithaba li hlahise joang bo botala.+
13 Etsoe o entse hore mekoallo ea liheke tsa hao e be matla;
O hlohonolofalitse bara ba hao ka hare ho uena.+
19 O bolella Jakobo lentsoe la hae,+
O bolella Baiseraele melao ea hae ea tsamaiso+ le liqeto tsa hae tsa boahloli.+
20 Ha aa etsa sechaba leha e le sefe se seng ka tsela eo;+
Ha e le liqeto tsa hae tsa boahloli, ha baa li tseba.+
Rorisang Jah!+
6 O li boloka li eme ka ho sa feleng, ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
O fane ka molao oa tsamaiso, ’me o ke ke oa feta.+
7 Rorisang Jehova ho tsoa lefatšeng,+
Lōna liphoofolo tsa litonanahali tsa leoatle le lōna maliba,+
8 Lōna mollo le sefako, lehloa le mosi o teteaneng,+
Uena moea o matla oa sefefo, o phethang lentsoe la hae,+
9 Lōna lithaba le lōna maralla ’ohle,+
Lōna lifate tsa litholoana le lōna likedare tsohle,+
10 Lōna liphoofolo tse hlaha le lōna liphoofolo tsohle tse ruuoang,+
Lōna lihahabi le linonyana tse nang le mapheo,+
11 Lōna marena a lefatše+ le lōna lihlopha tsohle tsa lichaba,
Lōna likhosana+ le lōna baahloli bohle ba lefatše,+
13 Ba ke ba rorise lebitso la Jehova,+
Etsoe lebitso la hae ke lona feela le phahameng ka tsela e ke keng ea fihleloa.+
Ho hlompheha ha hae ho ka holim’a lefatše le leholimo.+
14 O tla phahamisa lenaka la batho ba hae,+
Thoriso ea bohle ba tšepahalang ba hae,+
Ea bara ba Iseraele, batho ba haufi le eena.+
Rorisang Jah!+
2 Baiseraele ba ke ba thabe ka lebaka la Moetsi oa bona e Moholo,+
Bara ba Sione—ba ithabele ho Morena oa bona.+
3 Ba rorise lebitso la hae ka motjeko.+
Ba mo binele lipina tsa thoriso ka moropa o monyenyane le harepa.+
6 Lipina tse rorisang Molimo haholo li be ’metsong ea bona,+
Sabole e sehang ka nģa tse peli e be matsohong a bona,+
7 E le ho phethisa phetetso holim’a lichaba,+
Likhalemelo tse matla holim’a lihlopha tsa lichaba,+
8 E le ho tlama marena a tsona ka mahlaahlela+
Le ba tlotlehang ba tsona ka litlamo tsa tšepe,
9 E le ho phethisa holim’a tsona qeto ea boahloli e ngotsoeng.+
Bokhabane bo joalo ke ba bohle ba tšepahalang ba hae.+
Rorisang Jah!+
2 Mo roriseng bakeng sa mesebetsi ea hae ea bonatla.+
Mo roriseng ho ea ka bongata ba boholo ba hae.+
-