-
1 Marena 8:43Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
43 e se eka u ka mamela u le maholimong, sebaka sa hao sa bolulo se tiisitsoeng,+ ’me u etse ho ea ka sohle seo osele a hoeletsang ho uena ka sona;+ e le hore lichaba tsohle tsa lefatše li ka tseba lebitso+ la hao e le hore li u tšabe joalokaha sechaba sa hao sa Iseraele se u tšaba, e le hore li ka tseba hore lebitso la hao le ’nile la bitsoa ntlong ena eo ke e hahileng.+
-
-
Esaia 57:15Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
15 Etsoe sena ke seo Ea Holimo le Ea Phahameng,+ ea lulang ka ho sa feleng+ le eo lebitso la hae le halalelang,+ a se boletseng: “Ke lula phahameng le sebakeng se halalelang,+ hape ke lula le ea hateletsoeng le ea moea+ o ikokobelitseng, hore ke hlasimolle moea oa ba ikokobelitseng le ho hlasimolla lipelo tsa ba hateletsoeng.+
-