28 Moo le tla lokela ho sebeletsa melimo,+ e entsoeng ka matsoho a motho, lehong le lejoe,+ e ke keng ea bona kapa ea utloa kapa ea ja kapa ea fofonela.+
19 Setsebi sa mesebetsi ea matsoho se foromile setšoantšo se entsoeng ka ho qhibilihisoa,+ ’me ea sebetsang ka tšepe o se koahela ka khauta,+ ’me o tea liketane tsa silevera.+
17 Empa se setseng o se etsa molimo, o se etsa setšoantšo se betliloeng. Oa se khumamela le ho se inamela ’me oa se rapela o re: “Ntopolle, etsoe u molimo oa ka.”+
3 Etsoe litloaelo tsa lichaba+ ke pululo feela, hobane ke sefate feela+ ka har’a moru seo motho a se remileng, mosebetsi oa setsebi sa mesebetsi ea matsoho o entsoeng ka thipa e nang le ntlha e hakang.+
26 Hape, lea bona ’me lea utloa kamoo eseng Efese+ feela empa hoo e batlang e le seterekeng sa Asia kaofela moo Pauluse enoa a susumelitseng bongata bo boholo eaba o ba retelletsa maikutlong a mang, a re melimo e entsoeng ka matsoho+ hase melimo.