Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 8:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Joale, Jehova Molimo oa Iseraele, boloka ho mohlanka oa hao Ntate Davida seo u ileng ua mo tšepisa sona, ua re, ‘Ha ho motho oa hao ea tla tlosoa ka pel’a ka hore a se ke a lula teroneng ea Iseraele,+ haeba feela bara ba hao ba tla hlokomela tsela ea bona ka ho tsamaea ka pel’a ka feela joalokaha u tsamaile ka pel’a ka.’

  • 1 Likronike 17:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Ke tla etsa hore a eme ka tlung+ ea ka le boreneng+ ba ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ’me terone+ ea hae e tla ba e tšoarellang ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”’”

  • 2 Likronike 6:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Joale, Jehova Molimo oa Iseraele, boloka ho mohlanka oa hao Davida Ntate seo u ileng ua mo tšepisa sona, ua re, ‘Ha ho motho oa hao ea tla tlosoa ka pel’a ka hore a se ke a lula teroneng ea Iseraele,+ haeba feela bara+ ba hao ba tla hlokomela tsela ea bona ka ho tsamaea molaong+ oa ka, feela joalokaha u tsamaile ka pel’a ka.’+

  • Pesaleme 89:36
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 36 Peō ea hae e tla ba teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+

      Le terone ea hae joaloka letsatsi ka pel’a ka.+

  • Esaia 9:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Ho ke ke ha e-ba le bofelo+ bongateng ba puso ea bohosana+ le khotso, teroneng ea Davida+ le ’musong oa hae e le ho o tiisa ka thata+ le ho o tšehetsa ka toka+ le ka ho loka,+ ho tloha joale ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Cheseho ea Jehova oa mabotho e tla etsa sena.+

  • Matheu 9:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Eare ha Jesu a fetela pele ho tloha moo, banna+ ba babeli ba foufetseng ba mo latela, ba hoeletsa ’me ba re: “Re hauhele,+ Mora oa Davida.”

  • Liketso 2:30
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 30 Ka hona, ka lebaka la hore e ne e le moprofeta ’me a tseba hore Molimo o ne a mo hlapanyelitse ka kano hore o ne a tla lulisa ea tsoang litholoaneng tsa letheka la hae teroneng ea hae,+

  • Baroma 1:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 malebana le Mora oa hae, ea ileng a hlaha peōng ea Davida+ ho ea ka nama,+

  • Baroma 15:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Esaia o boetse o re: “Ho tla ba le motso oa Jese,+ ’me ho tla ba le ea emang ho busa lichaba;+ lichaba li tla beha tšepo ea tsona ho eena.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela