Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 14:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Joale Moshe a otlolla letsoho la hae holim ’a leoatle;+ eaba Jehova o qala ho khutlisetsa leoatle morao ka moea o matla oa bochabela bosiu bohle le ho fetola boliba ba leoatle mobu o omileng,+ ’me metsi a aroloa.+

  • Numere 11:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Moea+ o tsoang ho Jehova oa foka ka matla ’me oa qala ho khanna likoekoe ho tloha leoatleng+ ’me oa li lihela holim ’a liahelo hoo e ka bang leeto la letsatsi ka tsela ena le hoo e ka bang leeto la letsatsi ka tsela eane, ho potoloha liahelo, le hoo e ka bang litsoe tse peli holim ’a lefatše.

  • Pesaleme 78:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 A qala ho etsa hore moea oa bochabela o foke ka matla maholimong+

      Le ho etsa hore moea oa boroa o foke ka matla a hae.+

  • Pesaleme 107:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Kamoo a ntšang taelo le ho tsosa moea o matla oa sefefo,+

      Hoo le phahamisang maqhubu a lona.+

  • Pesaleme 147:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 O romela lentsoe+ la hae ’me oa li qhibilihisa.

      O etsa hore moea oa hae o foke;+

      Metsi aa rotha.

  • Jonase 1:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Jehova a romela moea o moholo leoatleng,+ ’me ha e-ba le sefefo se matla+ leoatleng; ha e le sekepe, se ne se le haufi le ho soahlamana.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela