Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 9:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Kahoo Moshe a re ho eena: “Hang ha ke tsoa motseng ke tla otlollela matsoho a ka ho Jehova.+ Lialuma li tla khaotsa ’me sefako ha se sa tla hlola se tsoela pele, e le hore u ka tseba hore lefatše ke la Jehova.+

  • Exoda 19:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Joale haeba le tla mamela+ lentsoe la ka ka tieo ’me ruri le boloke selekane sa ka,+ joale ka sebele le tla fetoha thepa ea ka e khethehileng har’a lichaba tse ling tsohle,+ hobane lefatše lohle ke la ka.+

  • Deuteronoma 10:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Bona, maholimo+ ke a Jehova Molimo oa hao, esita le maholimo a maholimo, lefatše+ le tsohle tse ho lona.

  • 1 Likronike 29:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Jehova, boholo+ le matla+ le botle+ le bokhabane+ bo hlomphehang le ho hlompheha+ ke tsa hao; kaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e maholimong le e lefatšeng ke ea hao.+ ’Muso ke oa hao,+ Jehova, uena Eo hape u iphahamisang u le hlooho ka holim ’a tsohle.+

  • Jobo 41:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ke mang ea mphileng ho hong pele, e le hore ke tšoanele ho mo putsa?+

      Sohle se tlas’a maholimo ’ohle ke sa ka.+

  • 1 Bakorinthe 10:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 kaha “lefatše ke la Jehova+ le se tletseng ho lona.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela