4 Utloa,+ Molimo oa rōna, kaha re fetohile ba eisehang;+ u khutlisetse nyeliso+ ea bona holim ’a lihlooho tsa bona, ’me u nehelane ka bona tlatlapong naheng ea kholeho.
16 Eitse hang ha lira+ tsa rōna tsohle li ho utloa le lichaba tsohle tse neng li re potolohile li ho bona, hang-hang tsa nyahama haholo mahlong a tsona, ’me tsa tseba hore mosebetsi ona o entsoe ho tsoa ho Molimo oa rōna.+
11 Empa Jehova o ne a e-na le ’na+ joaloka senatla se tšabehang.+ Ke ka lebaka leo ba ntlhorisang ba tla khoptjoa ’me ba se ke ba hlōla.+ Ka sebele ba tla hlabisoa lihlong haholo, kahobane ba tla be ba sa atleha. Ho tlotloloha ha bona ho hlolang ka nako e sa lekanyetsoang ho ke ke ha lebaloa.+